Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 4:18 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Morena o tla nne a ntopolle mesebetsing yohle e kgopo, a mpholose, a nkise Mmusong wa hae wa lehodimo. Tlotla e ke e be ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 4:18
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ba lokileng ba tla kganya jwaloka letsatsi mmusong wa Ntata bona. Ea nang le litsebe ho utloa a utloe.


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


O se ke wa re isa molekong, o mpe o re lopolle ho e mobe: Hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho sa feleng. Amen.


O re tshwarele dibe tsa rona; hobane le rona re tshwarela bohle ba nang le melato ho rona. O se ke wa re isa molekong; empa o re lopolle bobeng.


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Mme ke le bea mmuso, jwalokaha Ntate a nneile nna;


Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa ke re o ba sireletse ho ya kgopo.


Hobane dintho tsohle di tswa ho yena, mme di teng ka yena, di ya ho yena; ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen.


Ho Modimo, ya bohlale, a nnotshi, e be kganya ka Jesu Kreste ka ho sa feleng. Amen. (E ngoletsoe Baroma ho tsoa Korinthe, ’me e rometsoe ke Febe mohlanka oa kereke e Senkrea.)


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa tlwaelehang ho batho; empa le moleko o tla le bea sebaka sa ho phonyoha, le tle le tsebe ho o jara.


Jwale, banabeso, ke bolela hore nama le madi di ke ke tsa rua mmuso wa Modimo; le ho bola ha ho rue ho se boleng.


O re namoletse lefung le lekalo, mme o a re namolela;


Ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa Morena o a tshepeha, ya tla le tiisa, a le lebela ho e mobe.


Joale ho Morena oa bosafeleng, ea sa shoeng, ea sa bonahaleng, Molimo a le mong feela, e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ke yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ahileng leseding le sa atameleheng; eo ho seng motho ya kileng a mmona, leha e le ya ka kgonang ho mmona: ho yena e be tlhompho le matla a sa feleng. Amen.


Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;


Empa jwale ba lakatsa lefatshe le fetisang ka molemo, ke ho re, la lehodimo;


Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, e leng Jerusalema wa lehodimo, le ho letshwele le se nang palo la mangeloi.


a le etse ba phethehileng mesebetsing yohle e molemo, le tle le etse thato ya hae, a ntse a etsa ka ho lona se kgahlisang mahlong a wona, ka Jesu Kreste; ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Banabeso ba ratwang, mamelang: Na Modimo ha o a ka wa kgetha mafutsana a lefatshe lena hore e be barui ba tumelo, le majalefa a mmuso oo o o tshepisitseng ba o ratang na?


Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.


Ho yena e be kganya le matla kamehla le mehla. Amen.


Hobane ka mokgwa o jwalo le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ