Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 4:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke o laela ke hona haholo pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tlang ho ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang ka mmuso wa hae, ke re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pela Modimo le Kreste Jesu, yena ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng, le ka baka la boiponahatso ba hae le ka Mmuso wa hae, ke ipiletsa ho wena, ke re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 4:1
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


A re: “Monna e mong o ile a ya naheng e hole ho ya inkela borena, a ntoo kgutla.


Eitse ha a kgutla, a se a amohetse mmuso, a laela hore bahlanka bao a ba neileng tjhelete, ba bitsetswe ho yena, a tle a tsebe hore na e mong le e mong o ruile bokae ka ho hweba.


A re ho Jesu: Morena, o nkgopole ha o kena mmusong wa hao.


O re laetse hore re bolelle setjhaba, mme re pake hore ke yena ya kgethilweng ke Modimo ho ba moahlodi wa ba phelang le ba shweleng.


Hobane o beile letsatsi leo ka lona a tla ahlola lefatshe ka ho loka, ka monna eo a mmeileng; e leng seo o se tshepisitseng bohle ka ho mo tsosa bafung.


Ka letsatsi leo ka lona Modimo o tla ahlola diphiri tsa batho ka Jesu Kreste, ho ya ka molaetsa o molemo wa ka.


Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.


Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.


Ke o laela pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore o boloke taba tseo, o sa kgetholle, o se ke wa etsa letho ka leeme.


Empa jwale e bonahatswa ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shweng ka Evangeli.


O ba hopotse taba tseo, o ba laele pela Jehova, hore ba se ke ba lwana ka dipolelo, ho se nang thuso, empa ho senya ba mametseng.


Morena o tla ntopolla mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho isa mmusong wa hae wa lehodimo: ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen.


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.


Ba tla ikarabella ho ya itokiseditseng ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


Hobane ka mokgwa o jwalo le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste.


Hobane o amohetse hlompho le kganya ho Modimo Ntatae, mohla lentswe le utlwahalang ho yena le etswa kganyeng e fetisisang, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Mme jwale, bana ba banyenyane, le nne ho yena; e le hore, mohla a hlahang, re be le tshepo, mme re se ke ra hlajwa ke dihlong pela hae, ho tleng ha hae.


Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ