Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 3:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ba se na lerato la hlaho, ke batlōli ba tumellano, ba qosa, ba se na boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba nyelisang ba molemo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 E tla ba batho ba se nang lerato, ba hanang ho boelanngwa le ba bang, ba buang batho hampe, ba hlokang boitshwaro, ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 ba se na lerato la hlaho, ke batlōli ba tumellano, ba qosa, ba se na boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba nyelisang ba molemo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 3:3
31 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ngwanabo motho o tla nehelana ka ngwanabo lefung, le ntata motho a nehelane ka ngwana lefung, mme bana ba tla tsohela batswadi ba bona matla, ba ba bolaye.


Yaba Jesu o iswa ke Moya feelleng ho lekwa ke Diabolosi.


Ya le utlwang o a nkutlwa; mme ya le nyatsang, o a nyedisa nna; mme ya nnyatsang, o nyedisa ya nthomileng.


Le Bafarisi, e leng ba ratang leruo, ba utlwa tsena tsohle, mme ba mo soma.


Jesu a ba araba, a re: Na ha ke a ka ka le kgethela lona ba leshome le metso e mmedi, athe e mong wa lona ke diabolosi?


le tletse ho se loke hohle, le bohlola, le lonya, le meharo, le lonya; ba tletse mohono, le polao, le likhang, le thetso, le bobe; basebi,


Ba hloka kutlwisiso, ke ba tlolang selekane, ba se nang lerato la hlaho, ba se nang boikaketsi, ba hlokang mohau.


Le se ke la etsetsana bolotsana, haese ka tumellano ka nako e itseng, le tle le ikemisetse ho itima dijo le ho rapela; le boele le kopane, Satane a tle a se ke a le leka ka baka la ho se ithibe ha lona.


Empa ha ba sa kgone ho itshwara, a ba nyale; hobane ho molemo ho nyala ho ena le ho tjha.


Ka baka leo, ya nyatsang ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, wona o re neileng Moya o Halalelang wa wona.


Ka mokgwa o jwalo basadi ba bona e be ba kgabane, e seng baetselletsi, ba hlaphohelwe, ba tshepehe nthong tsohle.


Empa e be ya ratang kamohelo ya baeti, ya ratang se molemo, ya hlaphohetsweng, ya lokileng, ya halalelang, ya se nang kelello;


Le basadi ba ba hodileng ba be le boitshwaro ka mokgwa o tshwanelang kgethehileng, e se ke ya eba basomi, ba se ke ba tahwa ke veine e ngata, ba rute tse molemo;


Empa le nyedisitse bafumanehi. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng a dikgotla na?


Ba na le mahlo a tletseng bofebe, ba ke keng ba kgaotsa sebe; ba kgelosang meya e sa tsitsang: pelo e tlwaetseng ho chacheha ka mohono; bana ba rohakiloeng:


Ba ntse ba ba tshepisa tokoloho, empa bona ka bobona ke makgoba a tshenyeho;


Le ntse le tseba sena pele, hore matsatsing a ho qetela ho tla tla basomi ba tsamayang ka ditakatso tsa bona.


Bao ke bakorotli, ba korotla, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona; mme melomo ya bona e bolela dipolelo tse kgolo tsa boikgohomoso, ba kgahla batho ka baka la katleho.


Hobane ba le boleletse hore mehleng ya bofelo ho tla ba le basomi, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona tsa bokgopo.


Sa fuwa matla a ho etsa hore setshwantsho sa sebata se be le moya, hore setshwantsho sa sebata se bue, se etse hore bohle ba hanang ho kgumamela setshwantsho sa sebata ba bolawe.


Le hore ho se be motho ya ka rekang, leha e le ho rekisa, haese ya nang le letshwao, kapa lebitso la sebata, kapa palo ya lebitso la sona.


Hobane ba tsholotse madi a bahalaledi le a baporofeta, mme o ba neile madi hore ba a nwe; hobane ba tshwaneleha.


Ka bona mosadi a tahilwe ke madi a bahalaledi, le ke madi a dipaki tsa Jesu; mme yare ha ke mmona, ka makala haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ