Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 2:25 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 A rute ka bonolo ba hanyetsang, ho tle ho lekwe hore na mohlomong Modimo o ke se ke wa ba nea pako, ba be ba lemohe nnete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

25 O laye ka bonolo ba hanyetsang; ha ekaba mohlomong Modimo o tla ba nea pako e isang tsebong ya nnete;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 2:25
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jarang joko ea ka, le ithute ho ’na; hobane ke bonolo, ke ikokobeditse pelong, mme le tla fumanela meya ya lona phomolo.


Hobane Johanne o tlile ho lona ka tsela ya ho loka, mme ha le a ka la mo dumela, empa balekgetho le diotswa ba dumela ho yena;


A re: “Nako e phethehile, mmuso wa Modimo o atametse; bakang, mme le dumele Evangeli.


Empa nna ha ke amohele bopaki ho motho, empa ke bolela taba tseo hore le bolokehe.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba kgutsa, mme ba tlotlisa Modimo, ba re: Jwale, Modimo o neile le baditjhaba pako e isang bophelong.


Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobetswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla amohela neo ya Moya o Halalelang.


Ke pakela Bajuda, le Bagerike, pako ho Modimo, le tumelo ho Morena wa rona Jesu Kreste.


Eitse ha ba utlwa hoo, ba kena tempeleng e sa le kameso, ba ruta. Yaba moprista e moholo le ba nang le yena ba fihla, ba bokella lekgotla le baholo bohle ba bana ba Iseraele, ba romela tjhankana hore ba tliswe.


Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Ka baka leo, bakela bokgopo bona, mme o rapele Modimo, hore mohlomong o ka tshwarelwa mohopolo wa pelo ya hao.


Banab’eso, ekare ha motho a oela molatong o mong, lōna ba moea, le mo tsose ka moea o mosa; o itebele, o tle o se ke wa lekwa le wena.


Ke yena ya ratang hore batho bohle ba bolokehe, mme ba fihle tsebong ya nnete.


Empa wena, monna wa Modimo, o balehe dintho tsena; mme o latele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le bonolo.


Ba ntse ba ithuta, mme le ka mohla ba sa kgone ho fihla tsebong ya nnete.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Modimo, le moapostola wa Jesu Kreste, ka tumelo ya bakgethwa ba Modimo, le ka ho tseba nnete e leng ka borapedi;


ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata diqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le neo e nngwe le e nngwe e phethehileng, e tswa hodimo, e theoha ho Ntate wa masedi, eo ho yena ho se nang phetoho, leha e le moriti wa ho reteleha.


Le mpe le halaletse Morena Modimo ka dipelong tsa lona, mme le itokise kamehla ho fana ka karabo ho e mong le e mong ya le botsang lebaka la tshepo e ho lona, ka bonolo le ka tshabo.


Ekare ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa isang lefung, o tla mo kopa, mme o tla mo nea bophelo bakeng sa ba etsang sebe se sa isang lefung. Ho na le sebe se isang lefung: ha ke re a ka se rapella.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ