Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Timothea 1:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Empa jwale e bonahatswa ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shweng ka Evangeli.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 mme jwale, o tswa pepeswa ka ho hlaha ha Mmoloki wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, a bea bophelo le ho se shwe leseding ka Evangeli,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Empa kajeno re o senoletswe ka ho iponahatsa ha Mopholosi wa rona, Kreste Jesu, ya fedisitseng matla a lefu, a senola bophelo le ho se shwe ka molaetsa o molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Empa jwale e bonahatswa ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shweng ka Evangeli.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Timothea 1:10
58 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha mmele wohle wa hao o ena le lesedi, ho se moo ho leng lefifi, o tla tlala lesedi kaofela, jwalokaha lebone le o bonesetsa ka ho phatsima ha lebone.


Yaba o re ho molemi wa tshimo ya hae: Bona, ke dilemo tse tharo ke ntse ke tla ho batla ditholwana sefateng sena sa feiye, mme ha ke di fumane; ke hobane’ng ha u senyetsa fatše?


Hobane kajeno le tswaletswe Mopholosi, motseng wa Davida, e leng Kreste Morena.


Lesedi la nnete e ne e le lona, le bonesetsang motho e mong le e mong ya tlang lefatsheng.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Empa tsena di ngotswe hore le tle le dumele hore Jesu ke Kreste, Mora wa Modimo; le hore ka ho dumela le be le bophelo ka lebitso la hae.


Yaba ba re ho mosadi: “Jwale ha re sa dumela ka baka la polelo ya hao;


Mme ha le rate ho tla ho nna, hore le tle le be le bophelo.


Lelokong la monna eo, ka pallo ya wona, Modimo o hlahiseditse Iseraele Mopholosi, e leng Jesu.


Yena eo Modimo o mo phahamisitse ka letsoho la wona le letona, hore e be Mmusi le Mopholosi, ya neang Iseraele pako le tshwarelo ya dibe.


Empa jwale e bonahaditswe, le ka Mangolo a baporofeta, ho ya ka taelo ya Modimo o sa feleng, ho tsebiswa ditjhaba tsohle ho utlwa ho latela tumelo.


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


Jwale na re fedisa molao ka tumelo? Ho se ke ha eba jwalo: e, re tiisa molao.


Hobane re ntse re tseba hobane botho ba rona ba kgale bo thakgisitswe le yena, hore mmele wa sebe o tle o timetswe, re tle re se ke ra hlola re sebeletsa sebe.


Lenaba la mafelelo le le tlago fedišwa ke lehu.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho pele ho nako, ho fihlela Morena a etla, ya tla hlahisa tse patilweng tsa lefifi leseding, mme a bonahatse merero ya dipelo;


Hobane rona ba ka tabernakeleng ena, re a fehelwa, ha re imetswe;


Le lokolotswe ke Kreste, lona ba ho lokafatswang ke molao; le wele mohaung.


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


A re tsebisitse sephiri sa thato ya wona, ho ya ka kgahleho ya wona, eo o e rerileng ho yena.


Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste,


Ka baka leo, o se ke wa hlajwa ke dihlong ka bopaki ba Morena wa rona, leha e le ka nna motshwaruwa wa hae;


Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


Hobane mohau wa Modimo o pholosang batho bohle o bonahetse.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Empa ka mor’a moo ho ile ha bonahala mosa le lerato la Molimo Mopholosi oa rōna ho batho.


Le mpe le hopole mehla ya pele, eo, ha le se le boneseditswe, le mameletse ntwa e kgolo ya mahlomola;


Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:


Hobane ka mokgwa o jwalo le tla ekeletswa ka ho enneng ho kena mmusong o sa feleng wa Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste.


Hobane matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bileditseng kganya le bokgabane.


Hobane ha ba ka boela ba phonyoha ditshila tsa lefatshe ka tsebo ya Morena le Mopholosi Jesu Kreste, mme ba boela ba tshwaswa ke tsona, mme ba hlolwa ke tsona, qetello ya bona e mpe ho feta ya pele.


Empa le hole mohaung le tsebong ya Morena wa rona le Mopholosi Jesu Kreste. Ho eena e be khanya joale le ka ho sa feleng. Amen.


Le tle le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tsa Morena le Mopholosi wa rona.


(Hobane bophelo bo bonahaditswe, mme re bo bone, mme re a paka, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme ba bonahatswa ho rona;)


Mme rona re bone, mme re a paka hore Ntate o romile Mora wa hae ho ba Mopholosi wa lefatshe.


Kamora tseo, ka bona lengeloi le leng le theoha lehodimong, le ena le matla a maholo; mme lefatshe la boneswa ke kganya ya hae.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja sefate sa bophelo, se kahara paradeise ya Modimo.


Lefu le dihele tsa akgelwa letsheng la mollo. Lena ke lefu la bobedi.


Ho lehlohonolo ba etsang melao ya wona, hore ba tle ba be le tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, le ho kena motseng ka dikgoro.


Mme Moya le monyaduwa ba re: Tlo! Mme ya utlwang a re: Tlo! Le ya nyorilweng a a tle. Mme ya ratang, a nke feela metsi a bophelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ