Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Erekaha ntho tseo tsohle di tla fela, le tshwanetse ho ba batho ba jwang metsamaong yohle e halalelang le borapeding?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Jwale, haele moo ntho tseo tsohle di abetswe ho fediswa, e ka kgona le be batho ba matla hakakang diketsong tse halalelang tsa borapedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ha e le moo dintho tsohle di tla fediswa jwalo, lona eka kgona le halalele haholo metsamaong le borapeding ba lona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Erekaha ntho tseo tsohle di tla fela, le tshwanetse ho ba batho ba jwang metsamaong yohle e halalelang le borapeding?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:11
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa banna bao ba makala, ba re: Enwa ke motho wa jwang eo le meya le lewatle di mo utlwang?


Le etse jwalo, ka ho tseba nako, hore jwale e se e le nako ya ho tsoha borokong;


Bosiu bo se bo ile, letsatsi le se le atametse; a re lahleng ke hona mesebetsi ya lefifi, mme re apareng dihlomo tsa lesedi.


Hobane thabo ya rona ke ena, bopaki ba matswalo a rona, hore re tsamaile lefatsheng, mme haholoholo bakeng sa lona, ka botshepehi le botshepehi ba Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e le ka mohau wa Modimo.


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;


Hobane puo ya rona e mahodimong; moo hape re lebeletseng Mopholosi, Morena Jesu Kreste ho tswa teng.


Hobane Evangeli ya rona ha ya ka ya tla ho lona ka dipolelo feela, empa le ka matla, le ka Moya o Halalelang, le ka kgodiseho e kgolo jwalokaha le tseba hore re ne re le batho ba jwang hara lona ka baka la lona.


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Ho se be motho ya nyedisang botjha ba hao; o mpe o be mohlala ho badumedi, ka dipolelo, ka metsamao, le leratong, le tumelong, le hlwekong.


Empa wena, monna wa Modimo, o balehe dintho tsena; mme o latele ho loka, le borapedi, le tumelo, le lerato, le mamello, le bonolo.


Ekare ha motho a ruta thuto esele, mme a sa dumellane le dipolelo tse phelisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya borapedi;


Empa borapedi bo nang le kgotsofalo ke leruo le leholo.


A metsamao ya lona e be e hlokang ho chacheha ka mohono; mme le kgotsofale ke tseo le nang le tsona;


Hobane o a ipona, a ikele, mme a phakisa a lebale hore na e ne e le motho wa mofuta ofe.


Ke mang hara lona ya bohlale, ya nang le tsebo? a ke a bonahatse ka metsamao e metle mesebetsi ya hae ka bonolo ba bohlale.


Empa jwaloka ya le bitsitseng a halalela, le lona le halalele metsamaong yohle ya ditsamaiso;


Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.


Hobane matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bileditseng kganya le bokgabane.


Le tsebong ya boitshwaro; le boitshwarong bopelotelele; le mamellong, borapedi;


Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.


Le ntse le lebeletse, mme le potlakile ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla qhibidiswa ke ho cha, le metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ