Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 3:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Letsatsi la Morena lona le tla tla ka mokgwa wa leshodu la bosiu, mme ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le tshabehang, mme metheo ya dintho e tla fediswa ke ho tjha, le lefatshe le tla tjha ruri le mesebetsi e ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Letsatsi la Morena le tla fihla jwaloka leshodu. Mohlang oo mahodimo a tla fela ka lerata le tshabehang. Dintho di tla qhibidiswa ke motjheso, mme lefatshe le tsohle tse ho lona di tla fediswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Empa letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu; ka lona mahodimo a tla feta ka lerata le leholo, mme metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang, mme lefatshe le mesebetsi e ho lona e tla tjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 3:10
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.


Mme tsebang sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.


Hobane dibopuwa di beilwe tlasa lefeela, e seng ka ho rata, empa ka baka la ya di beileng ka tlase ho tshepo.


Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste.


Ho nehelana ka motho ea joalo ho Satane hore ho timetsoe nama, hore moea o tle o pholohe letsatsing la Morena Jesu.


Jwalokaha le re tsebile ka nqa e nngwe, hore re thabo ya lona, jwalokaha le lona le le ba rona ka tsatsi la Morena Jesu Kreste.


Hobane le lona le tseba hantle hore letsatsi la Morena le tla tla jwaloka leshodu la bosiu.


Empa lona, banabeso, ha le lefifing, hoo letsatsi leo le ka le fihlelang jwaloka leshodu.


Erekaha ntho tseo tsohle di tla fela, le tshwanetse ho ba batho ba jwang metsamaong yohle e halalelang le borapeding?


Le ntse le lebeletse, mme le potlakile ho tla ha letsatsi la Modimo, leo mahodimo a tla qhibidiswa ke ho cha, le metheo e tla qhibidiha ke mocheso o tjhesang?


Empa mahodimo a jwale le lefatshe tsa jwale, di boloketswe mollo ka lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo le la timetso ya batho ba kgopo.


Le mangeloi a sa kang a boloka boemo ba wona ba pele, a mpa a tlohile tulong tsa wona, o a bolokile ditlamong tse sa feleng lefifing, ho isa kahlolo ya letsatsi le leholo.


Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.


Ka bona terone e kgolo e tshweu, le ya dutseng hodima yona, eo lefatshe le lehodimo di ileng tsa baleha sefahleho sa hae; mme ha se ke ha fumanwa sebaka bakeng sa bona.


Yaba ke bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha, hobane lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di fetile; mme lewatle le ne le se le le siyo.


Hopola hle kamoo o amohetseng kateng, le kamoo o utlwileng kateng, o se boloke, mme o bake. Ka baka leo, ha o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tlang ho tla ho wena ka yona.


Lehodimo la tloha jwaloka moqolo ha o phuthwa; mme dithaba tsohle le dihlekehleke tsohle tsa tloswa tulong tsa tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ