Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane mehleng ya kgale boporofeta ha bo a ka ba tla ka thato ya motho, empa batho ba halalelang ba Modimo ba ne ba bua ba susumetswa ke Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane haesale, boporofeta ha bo a ka ba tliswa ke ho rata ha motho, empa ke ka tshusumetso ya Moya o Halalelang batho ba halalelang ba Modimo ba buileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 hobane ha ho eso be boporofeta bo kileng ba tla ka thato ya motho le ka mohla, empa e bile ka ho susumetswa ke Moya o Halalelang batho ba ileng ba bolela tse tswang ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Hobane mehleng ya kgale boporofeta ha bo a ka ba tla ka thato ya motho, empa batho ba halalelang ba Modimo ba ne ba bua ba susumetswa ke Moya o Halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:21
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Davida ka sebele o boletse ka Moya o Halalelang, a re: Jehova o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona, ke tle ke be ke bee dira tsa hao bonamelo ba maoto a hao.


Jwalokaha a buile ka melomo ya baporofeta ba hae ba halalelang, haesale ho tloha mehleng ya boholoholo.


Bana beso, ho ne ho tlameha ho phethehe lengolo leo Moya o Halalelang o le boletseng ka molomo wa Davida mabapi le Judase, eo e neng e le moetapele wa ba tshwereng Jesu.


Yare ha ba sa dumellane, ba ikela, Pauluse a se a buile lentswe le le leng, a re: Moya o Halalelang o buile hantle ka moporofeta Esaia ho bontata rona.


Empa dintho tseo Modimo o di boletseng pele ka melomo ya baporofeta bohle ba hae, hore Kreste o tla hlokofatswa, o di phethile jwalo.


Moya o Halalelang le wona ke paki ho rona, hobane o boletse pele.


Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela, wa re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona,


Moya o Halalelang o ne o bontsha hore tsela ya sehalaledisiso e ne e eso ho bonahatswe ha tabernakele ya pele e sa ntse e eme.


Ba batlisisa hore na ke nako efe, kapa hore na ke nako e jwang eo Moya wa Kreste o neng o le ho bona o neng o bolela ka yona, ha o ne o bolela esale pele ka mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho latela.


Yaba ke itihela maotong a hae ho mo kgumamela. A re ho nna: Bona, o se ke wa etsa jwalo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ