Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Hobane o amohetse hlompho le kganya ho Modimo Ntatae, mohla lentswe le utlwahalang ho yena le etswa kganyeng e fetisisang, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane enereha a fuwa hlompho le tlotliso ke Modimo, Ntatae, mohla lentswe le mo tlelang, le etswa kganyeng e phahameng le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 O ne a amohele hlompho le tlotla e tswang ho Modimo Ntate, ha lentswe le tswang boholong bo tlotlehang ba Modimo, le re: “Enwa ke Mora wa ke eo ke mo ratang, ya nkgahlang.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Hobane o amohetse hlompho le kganya ho Modimo Ntatae, mohla lentswe le utlwahalang ho yena le etswa kganyeng e fetisisang, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:17
36 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona mohlanka wa ka, eo ke mo kgethileng; moratuwa wa ka, eo moya wa ka o kgahliswang ke yena;


Mme bonang, ha hlaha ho bona Moshe le Elia ba ntse ba bua le yena.


A re a sa bua, bonang, leru le kganyang la ba kgurumetsa, mme ha utlwahala lentswe le tswang lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena; mo utlweng.


Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moya o Halalelang;


Jwale lentswe le tswang lehodimong, le re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Jwale lentswe le tswang lehodimong la re: “O Mora wa ka ya ratwang, eo ke kgahliswang ke yena.


Jwale leru la eba teng, la ba kgurumetsa, mme lentswe la tswa lerung, la re: Enwa ke Mora wa ka ya ratwang;


Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


Mme Moya o Halalelang wa theohela hodima hae ka sebopeho sa mmele o kang wa leeba, mme lentswe la tswa lehodimong, la re: “O Mora wa ka ya ratwang; ke kgahlwa ke wena.


Jwalokaha Ntate a ntseba, le nna ke tseba Ntate, mme ke tella dinku bophelo ba ka.


Le re ka yena eo Ntate a mo halaleditseng, mme a mo romela lefatsheng, o re: O a nyefola; hobane ke itse, ke Mora wa Modimo?


Ntumeleng hobane ke ho Ntate, le Ntate o ho nna;


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


hore bohle ba be bang; jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena, le bona ba ka ba ho rona: hore lefatshe le tle le dumele hobane o nthomile.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


Ntate o rata Mora, mme o neetse tsohle matsohong a hae.


Hobane Ntate o rata Mora, mme o mmontsha tsohle tseo yena a di etsang, mme o tla mmontsha le mesebetsi e meholo ho ena, le tle le makale.


Hobane jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena; ka mokgwa o jwalo o neile Mora hore a be le bophelo ka ho yena;


Le se ke la sebeletsa dijo tse felang, le mpe le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le nea tsona;


Bohle bao Ntate a nneyang bona ba tla tla ho nna; mme ya tlang ho nna nke ke ka mo leleka.


Ho rata ha Ntate ya nthomileng ke hore ke se ke ka lahlehelwa ke letho ho tsohle tseo a nneileng tsona, empa ke tle ke di tsose ka letsatsi la ho qetela.


Le tle le tlotlise Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka pelo e le nngwe feela, le molomo o le mong.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle;


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Eo e neng e le kganya ya kganya ya wona, le setshwantsho se bonahalang sa botho ba wona, a tsheheditse tsohle ka lentswe la matla a wona, ha a se a hlatswa dibe, a dula ka letsohong le letona la E moholo hodimodimo;


Mohau o be le lona, le mohau, le kgotso, tse tswang ho Modimo Ntate, le ho Morena Jesu Kreste, Mora wa Ntate, ka nnete le lerato.


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ