Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:16 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Hobane ha re a le tsebisa matla le ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, ha re a ka ra latela ditshomo tse qapilweng ka mano, empa re bile dipaki tse boneng ka mahlo tsa boholo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane hase ka ho ya ka ditshomo tse entsweng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena wa rona; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

16 Hobane ha re a le tsebisa matla le ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste, ha re a ka ra latela ditshomo tse qapilweng ka mano, empa re bile dipaki tse boneng ka mahlo tsa boholo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:16
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Kamora matsatsi a tsheletseng, Jesu a nka Petrose, le Jakobo, le Johanne ngwanabo, a nyolohela le bona thabeng e telele, ba le bang.


Hobane jwaloka lehadima le tswang botjhabela, mme le benyetsa bophirimela; ho tla ha Mora motho ho tla ba jwalo.


Eitse ha a dutse thabeng ya Mehlwaare, barutuwa ba hae ba tla ho yena boinotshing, ba re: Re bolelle, tseo di tla etsahala neng? mme pontsho e tla ba efe ya ho tla ha hao, le ya ho fela ha lefatshe?


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Jwale ba tla bona Mora motho a etla ka maru ka matla a maholo le kganya.


Jwalokaha ba re neile bona, bao ho tloha tshimolohong e neng e le dipaki tse boneng ka mahlo, le basebeletsi ba Lentswe;


Bohle ba hlollwa ke matla a Modimo a maholo. Eitse ha ba ntse ba hlollwa ke tsohle tseo Jesu a di entseng, a re ho barutuwa ba hae:


Lentswe le ne le etswe nama, la aha hara rona, mme ra bona kganya ya lona, kganya e kang ya Mora a nnotshi ya tswang ho Ntate, a tletse mohau le nnete.


Jwalokaha o mo neile matla hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a ba nee bophelo bo sa feleng.


mme a bonahatswa ka matla hore ke Mora wa Modimo, ka moya o halalelang, ka tsoho ya bafu.


Hobane Kreste ha a ka a nthomela ho kolobetsa, empa o nthomile ho bolela Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, e le hore sefapano sa Kreste se tle se senngwe.


Empa rona re bolela Kreste ya thakgisitsweng, ho Bajuda ke kgopiso, ho Bagerike ke booatla;


E le hore le se ke la hloloheloa neo leha e le efe; re lebeletse ho tla ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Haele nna, banabeso, mohla ke tlang ho lona, ha ke a ka ka tla ka puo e fetisang, leha e le ka bohlale, ke le bolella bopaki ba Modimo.


Polelo ya ka le thero ya ka ha e a ka ya eba ka dipolelo tse hodisang tsa bohlale ba batho, empa e le ka pontsho ya Moya le ya matla.


Ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, ha le phuthehile hammoho le moya wa ka ka matla a Morena wa rona Jesu Kreste.


Hobane ha re jwaloka ba bangata ba senyang lentswe la Modimo;


Empa re lahlile tse patilweng tsa bohlola, re sa tsamaye ka mano, mme re sa tshohe lentswe la Modimo; empa ka ho bonahatsa nnete, re ipuella matswalong a batho bohle pela Modimo.


Hore re tle re se ke ra hlola re eba bana, ba hehehelwang kwana le kwana, ba fefolwang ke moya o mong le o mong wa thuto, ka mano a batho, ka mano a mano a ho thetsa ka bona;


Ke yena ya tla fetola mmele ya rona e nyatsehang, e tle e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao ka wona a nang le matla a ho bea dintho tsohle katlasa hae.


Hobane tshepo ya rona ke eng, kapa thabo ya rona, kapa moqhaka oo re ithorisang ka wona? Na hase lona le lona pela sefahleho sa Morena wa rona Jesu Kreste ho tleng ha hae na?


Yena eo ho tla ha hae ho leng ka tshebetsong ya Satane, ka matla wohle, le ka dipontsho, le meeka ya leshano;


Le se ke la ela hloko ditshomo le masika a sa feleng, tse tsosang diqabang, ho ena le kaho ya borapedi e tswang tumelong.


O mpe o hane ditshomo tse hlomphollang le tsa basadibaholo, mme o itlwaetse borapedi.


ba se ke ba ela ditshomo tsa Bajuda, le ditaelo tsa batho ba kgelohang nnete.


Ka baka la ho chacheha ka mohono, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano;


Mme rona re bone, mme re a paka hore Ntate o romile Mora wa hae ho ba Mopholosi wa lefatshe.


Le Henoke, wa bosupa ho tloha ho Adama, o porofetile tsa bona, a re: Bonang, Jehova o tla le bahalaleli ba hae ba diketekete.


Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ