Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Petrose 1:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke le Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla lona ba abetsweng tumelo e le nngwe le ya rona ka bohlokwa, ka ho loka ha Modimo le Mmoloki wa rona, Jesu Kreste, ke re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Nna Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke dumedisa ba amohetseng tumelo ya bohlokwa jwaloka rona, ka baka la ho loka ha Jesu Kreste, Modimo le Mopholosi wa rona, ke re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Simone Petrose, mohlanka le moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla ba amohetseng tumelo ya bohlokwa, e tshwanang le ya rona ka ho loka ha Modimo le Mopholosi wa rona Jesu Kreste:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Petrose 1:1
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mabitso a baapostola ba leshome le metso e mmedi ke ana; Wa pele ke Simone, ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo; Jakobo, mora Sebedea, le Johanne ngwanabo;


Eitse ha Jesu a tsamaya pela lewatle la Galelea, a bona bana ba motho ba babedi, Simone ya bitswang Petrose, le Andrease, ngwanabo, ba akgela letlowa lewatleng;


Mme moya wa ka o ithabela ho Modimo, Mopholosi wa ka.


Ka baka leo, bohlale ba Modimo bo itse: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang, ba hlorise ba bang ho bona;


A mo tlisa ho Jesu. Jesu ha a mmona, a re: O Simone, mora Jona;


Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, le mohlanka wa ka o tla ba teng;


Jesu a boela a re ho bona: Kgotso e be le lona;


Simeone o hlalositse kamoo Modimo o kileng wa etela baditjhaba qalong, hore o kgethele lebitso la wona ho bona batho.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Kreste Jesu, ya bitseditsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ke ho re, ke tle ke tshedisehe hammoho le lona ka tumelo e le nngwe, ya lona le ya ka.


Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Hobane ke e monyenyane ho baapostola, ya sa tshwanelang ho bitswa moapostola, kahobane ke hlorisitse kereke ya Modimo.


Na ha ke moapostola? Na ha kea lokoloha? Na ha ke eso bone Jesu Kreste, Morena wa rona? A ga se lona tiro ya me mo Moreneng?


Re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke ka baka leo ke buileng; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re buang;


Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.


Hobane ya sebeleditseng Petrose boapostola ba ba bolotseng, ke yena ya neng a na le matla ho baditjhaba ho nna.)


Seo mehleng e meng se sa kang sa tsebiswa bana ba batho, jwalokaha se se se senoletswe baapostola ba hae ba halalelang le baporofeta ka Moya;


A nea ba bang hore e be baapostola; mme ba bang, baporofeta; mme ba bang, baevangedi; mme ba bang badisa le baruti;


Morena o mong, tumelo e le nngwe, kolobetso e nngwe,


Pauluse le Timothea, bahlanka ba Jesu Kreste, re ngolla bahalaledi bohle ba ho Kreste Jesu ba leng Filipi, le babishopo le madikone:


Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Ke hopola tumelo ya hao e se nang boikaketsi, eo pele e ileng ya dula ho Loise nkhono’ao, le ho Eunise mmao; mme ke kgodisehile hore le ho lona.


Ke le Pauluse, mohlanka wa Modimo, le moapostola wa Jesu Kreste, ka tumelo ya bakgethwa ba Modimo, le ka ho tseba nnete e leng ka borapedi;


Ke ngolla Tite, mora wa ka wa sebele ka tumelo eo re nang le yona, ke re: Eka o mohau, le mohau, le kgotso e tswang ho Modimo Ntate le ho Morena Jesu Kreste Mopholosi wa rona.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke le dumedisa.


Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla baditjhaba ba hasaneng hohle Ponto, Galatia, Kapadosia, Asia, Bithinia,


E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.


Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke wa bohlokwa, empa ho ba sa utlweng, lejwe leo dihahi di ileng tsa le hanela, ke lona le entsweng hlooho ya sekgutlo.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.


Ke tseo re di neilweng ka tsona dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore le tle le be le kabelo sebopehong sa bomodimo, le phonyohile ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso.


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ