Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 2:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme ke moo ho tla hlaha molotsana, eo Morena a tlang ho mo fedisa ka moya wa molomo wa hae, mme o tla mo timetsa ka ponahalo ya ho hlaha ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 2:8
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong ha a utlwa lentswe la mmuso, mme a sa le utlwisise, e mobe o a tla, a mo hlokisa se jetsweng pelong ya hae. Enoa ke eena ea jetsoeng pel’a tsela.


Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bana ba mmuso; empa mofoka ke bana ba ea khopo;


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Kannete ke re ho lona: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utlwa ho shwa, ba eso ho bone Mora motho a etla mmusong wa hae.


Mme Modimo o ikgethetse ditakatso tsa lefatshe, le tse nyatsehang, le tse seng teng, hore o nyedise tse teng.


Ho se be motho ya le kgelosang ka mokgwa ofe kapa ofe, hobane letsatsi leo le ke ke la tla, ntle le hore ho kgelohe pele ho tle, mme monna eo wa sebe a senolwe, mora tahleho;


Hore o boloke taelo ena e se na sekodi, e ke keng ya nyatsuwa, ho fihlela ponahalong ya Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa jwale e bonahatswa ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shweng ka Evangeli.


Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Empa ho na le tebello e nngwe e tshabehang ya kahlolo le bohale bo tukang, bo tlang ho ja bahanyetsi.


Ke ngolla lona bontate, hobane le tsebile ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Ke le ngolla, bahlankana, kahobane le hlotse e mobe. Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tsebile Ntate.


E seng jwaloka Kaine, eo e neng e le wa e mobe, mme a bolaya ngwanabo. Mme o mmolaile keng? Hobane mesebetsi ya hae e ne e le mebe, mme ya ngwanabo e lokile.


Re a tseba hore e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Ka letsohong la hae le letona o ne a tshwere dinaledi tse supileng, mme molomong wa hae ho ne ho etswa sabole e bohale, e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Ya fuwa molomo o buang ditaba tse kgolo, le dinyefolo; mme sa newa matla a ho etsa jwalo ka dikgwedi tse mashome a mane a metso e mmedi.


Mme ho tswa molomong wa hae sabole e bohale, hore a otle ditjhaba ka yona, mme o tla di busa ka lere la tshepe;


Bakang; ho seng joalo, ke tla tla ho uena kapele, ’me ke tla ba loantša ka sabole ea molomo oa ka.


Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ