Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 2:15 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

15 Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka baka leo, banabeso, le eme le tiile, mme le tiise dipolelo tseo le di rutilweng, leha e le ka molomo, leha e le ka lengolo la rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Kahoo, bana beso, emang le tiile, le kgomarele meetlo eo re le rutileng yona ka molomo kapa ka lengolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

15 Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 2:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, banabeso, ke a le rapela hore le ele hloko ba bakang dikgaohano le dikgopiso tse hanyetsanang le thuto eo le ithutileng yona le ho li qoba.


Jwale, banabeso, ke a le rorisa, ha le nkgopola nthong tsohle, mme le boloka ditaelo, jwalokaha ke le neile tsona.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Itebeleng, le eme le tiile tumelong, le be banna, le be matla.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa.


Le tle le se ke la phakisa la sisinyeha mehopolong, leha e le ho tshoswa, leha e le ka moya, leha e le ka dipolelo, leha e le ka lengolo le tswang ho rona, kamoo letsatsi la Kreste le atamelang kateng.


Ekare ha e mong a sa utlwe lentswe la rona le lengolong lena, le mo hlokomele, mme le se ke la ikopanya le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.


Jwale, banabeso, re le laela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le ikarole ho ngwanabo rona e mong le e mong ya tsamayang ka mokgwa o sa laoleheng, e seng ka mokgwa oo le o amohetseng ho rona.


A tiisetse lentswe le tshepahalang kamoo a rutilweng kateng, hore a tle a tsebe ho kgothatsa ka thuto e phelang, le ho kgodisa ba hanyetsang.


Baratuwa, leha ke ne ke tjhesehela ka matla ho le ngolla tsa poloko eo re nang le yona, ke ile ka tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa hore le lwane ka matla tumelong eo le e neilweng bahalaledi hang feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ