Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 BaThesalonika 1:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ka mollo o tukang, o iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ba sa utlweng Evangeli ya Morena wa rona Jesu Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ho ba sa utlweng Evangeli ya Jesu Kreste, Morena wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 a le hara malakabe a mollo, ho ahlola ba sa tsebeng Modimo le ba sa mameleng molaetsa o molemo wa Morena wa rona Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 ka mollo o tukang, o iphetetsa ho ba sa tsebeng Modimo, le ba sa utlweng Evangeli ya Morena wa rona Jesu Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 BaThesalonika 1:8
59 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale o tla re ho ba ka ho le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae;


Bao ba tla ya bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ya bophelong bo sa feleng.


Mme kahlolo ke ena, lesedi le tlile lefatsheng, mme batho ba ratile lefifi ho lesedi, hobane mesebetsi ya bona e ne e le mebe.


Ba re ho yena: Ntatao o kae? Jesu a araba, a re: Nna ha le ntsebe, leha e le Ntate, ha le a ntseba;


Lentswe la Modimo la ata; mme palo ya barutuwa ya ata haholo Jerusalema; mme letshwele le leholo la baprista la mamela tumelo.


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Ke yena eo re amohetseng mohau le boapostola ka yena, hore ditjhaba tsohle di utlwe tumelo ka baka la lebitso la hae.


Empa hase bohle ba mametseng molaetsa o molemo. Hobane Esaia o itse: Morena, ke mang ya dumetseng seo re se bolelang?


Hobane nke ke ka beta pelo ho bolela letho la tseo Kreste a sa kang a di etsa ka nna, ka dipolelo le ka ketso, hore baditjhaba ba utlwe baditjhaba.


Empa jwale e bonahaditswe, le ka Mangolo a baporofeta, ho ya ka taelo ya Modimo o sa feleng, ho tsebiswa ditjhaba tsohle ho utlwa ho latela tumelo.


Na ha le tsebe hoba eo le ineelang yena ho ba bahlanka ba ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang; leha e le ba sebe se isang lefung, kapa ba kutlo e isang ho lokeng?


Tsohang ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ha ba na tsebo ya Modimo;


Re diha mehopolo, le ntho e nngwe le e nngwe e phahamileng, e iphahamisang ho lwantsha tsebo ya Modimo, mme mehopolo yohle e tle e utlwe Kreste;


Lona Bagalata ba mahlanya, ke mang ya le loileng, hore le se ke la mamela nnete, bao Jesu Kreste a hlahisitsweng pontsheng ya lona, a thakgisitswe?


Leha ho le jwalo, mehleng eo, ha le ne le sa tsebe Modimo, le ne le sebeletsa bao ka tlhaho e seng medimo.


e seng ka ditakatso, jwaloka baditjhaba ba sa tsebeng Modimo;


Empa ho na le tebello e nngwe e tshabehang ya kahlolo le bohale bo tukang, bo tlang ho ja bahanyetsi.


Hobane re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke nna ke tla buseletsa, ho rialo Morena. Hape, Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.


Ka tumelo Aborahame o ne a utlwa, e rile a bidiwa, a hudugela kwa felong fa o tla go newa go nna boswa; a tswa, a sa tsebe moo a yang teng.


Rona re tla phonyoha jwang, ha re sa hlokomele poloko e kalo; e leng e qadileng ho bolelwa ke Morena, mme ya tiiswa ho rona ke ba mo utlwileng;


Mme eitse hobane a phethehe, a etswa moqapi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang;


Ba kgethilweng ho ya ka tsebo e sa le pele ya Modimo Ntate, ka kgalaletso ya Moya, ho isa kutlong le ho fakweng ka madi a Jesu Kreste: A le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Le jwalokaha Sara a ne a utlwa Abrahama, a mmitsa morena;


Hobane nako e fihlile ya hore kahlolo e qale ka tlung ya Modimo;


Empa mahodimo a jwale le lefatshe tsa jwale, di boloketswe mollo ka lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo le la timetso ya batho ba kgopo.


Jwalo ka ha Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bohlola ka mokgwa o jwalo, mme ya latela nama esele, e beilwe mohlala, e jewe ke kotlo ya mollo o sa feleng.


Diabolose ya ba kgelositseng a akgelwa letsheng la mollo le sebabole, moo sebata le moporofeta wa bohata ba leng teng, mme ba tla hlokofatswa bosiu le motsheare ka ho sa feleng.


Empa ba boi, le ba sa lumeleng, le ba manyala, le babolai, le lihlola, le baloi, le barapeli ba litšoantšo, le bohle ba leshano, kabelo ea bona e tla ba letšeng le tukang mollo le sebabole: e leng lefu la bobeli.


Ba howa ka lentswe le leholo, ba re: Morena ya halalelang, wa nnete, ho fihlela neng, o sa ahlolele ba ahileng lefatsheng madi a rona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ