Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 9:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa neo e nngwe le e nngwe ya mohau, le tle le be le ho le lekanang kamehla nthong tsohle, mme le atelwe ke tseo le tlang ho etsa mesebetsi yohle e molemo ka tsona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Modimo o na le matla a ho le atisetsa dineo tsohle tsa hae, e le hore, kamehla, le tle le be le ho lekaneng dinthong tsohle, le be le ngatafallwe haholo, hoo le ka tsebang ho etsa mesebetsi yohle e molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 9:8
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jope ho ne ho le morutuwa e mong ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dimpho tseo a neng a di etsa.


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Erekaha le batla bopaki ba hore Kreste ya buang ka nna, ha a fokole ho lona, empa a le matla ka ho lona.


E seng hoo feela, empa e le yena ya kgethilweng ke dikereke ho tsamaya le rona ka mohau oo, oo re o sebeletsang tlotlisong ya Morena a le mong, le ho bonahatsa boikemisetso ba lona.


Hobane mohla teko e kgolo ya mahloreho, thabo e kgolo ya thabo ya bona le bofutsana ba bona bo tebileng bo atetseng letlotlo la ho fana ha bona.


Ka baka leo, jwalokaha le atetswe ke ntho tsohle, tumelong, le dipolelong, le tsebong, le mafolofolong wohle, le ka lerato leo le re ratang ka lona, le ka ata le mohaung ona.


le ruilwe nthong tsohle ho newa ka bongata, ho isang teboho ho Modimo ka rona.


Hobane re mosebetsi wa hae, re bopetswe ho Kreste Jesu mesebetsi e molemo, eo Modimo o e lokisitseng pele hore re tsamaye ho yona.


Ho yena ya nang le matla a ho etsa ka ho fetisisa ho fetisa tsohle tseo re ka di kopang kapa tseo re di nahanang, ho ya ka matla a sebetsang ho rona.


Eseng hore ke bua ka ho hloka, hobane ke ithutile ho kgotsofala maemong afe kapa afe ao ke leng ho ona.


E le hore le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise, le be le ditholwana mesebetsing yohle e molemo, le ntse le hola tsebong ya Modimo.


Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.


Ekare ha motho a itlhwekisa ho tseo, e tla ba pitsa e hlomphuwang, e kgethetsweng, e loketseng mong wa yona, e lokiseditsweng mosebetsi o mong le o mong o molemo.


Hore monna wa Modimo a tle a phethehe, a hlomeletse ka botlalo ho etsa mesebetsi yohle e molemo.


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Mme le ba rona a ba ithute ho tiisetsa mesebetsing e metle, hore ba tle ba be le dithuso tse hlokahalang, e le hore e se be ba sa beheng.


Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.


E mong le e mong a sebeletse e mong ka neo eo a e abetsweng, jwaloka balebedi ba molemo ba mehauhelo e mengata ya Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ