Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 8:19 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

19 E seng hoo feela, empa e le yena ya kgethilweng ke dikereke ho tsamaya le rona ka mohau oo, oo re o sebeletsang tlotlisong ya Morena a le mong, le ho bonahatsa boikemisetso ba lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ho feta moo, o bile o kgethilwe ke dikereke hore a tsamaye le rona mosebetsing ona wa mohau oo re o etsetsang tlotliso ya Morena, ho bontsha thahasello ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

19 E seng hoo feela, empa e le yena ya kgethilweng ke dikereke ho tsamaya le rona ka mohau oo, oo re o sebeletsang tlotlisong ya Morena a le mong, le ho bonahatsa boikemisetso ba lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 8:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Yaba baapostola le baholo le phutheho yohle ba kgahla ho romela banna ba kgethilweng hara bona Antioke le Pauluse le Barnabase; e leng Judase ya bitswang Barasabase, le Silase, banna ba ka sehloohong hara baena.


Eitse ha re phuthehile re le pelo e le nngwe, re bone ho le molemo ho romela banna ba kgethilweng ho lona, ba ena le baratuwa ba rona, Barnabase le Pauluse.


Yaba o romela Masedonia ba babedi ba ba mo sebeletsang, e leng Timothea le Erastase; empa yena a hlola Asia nako e itseng.


Mme motse wohle wa tlala moferefere, mme ba phakisa ba le pelo e le nngwe lebaleng, ba tshwara Gaiase le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse, ba tsamaya le Pauluse.


Mme e seng hoo feela, empa hape re thabela Modimo ka Morena wa rona Jesu Kreste, eo jwale re fumaneng pheko ka yena.


Mme e seng hoo feela, empa re ithorisa le ka ditsietsi;


Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau o atileng ka ba bangata ba nang le teboho e ngatafale, e be tlotliso ya Modimo.


Ka baka leo, phethisang ho sebetsa ha yona; hore, jwalokaha ho ne ho e-na le boikemisetso ba ho rata, ho tle ho be le phetheho ka seo le nang le sona.


Hobane ha pelo e ratang e le teng, ho amohelwa ho ya ka seo motho a nang le sona, e seng ka seo a se nang sona.


Re phema hoo, hore ho se be motho ya ka re qosang ka bongata boo re bo sebeletsang.


Hobane ke tseba tjheseho ya lona, eo ke ithorisang ka lona ho ba Masedonia, ka hoba Akaia e ne e se e le selemo se fetileng; mme tjheseho ya lona e habile ba bangata haholo.


Mme Modimo o na le matla a ho le atisetsa mohau wohle; le tle le be le ho lekaneng ka mehla nthong tsohle, le atele mesebetsing yohle e molemo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ