Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 5:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Kreste ya neng a se na sebe, Modimo o ile a mo nka e le moetsadibe ka baka la rona, e le hore ka yena Modimo a re etse ba lokileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Hobane ya sa kang a tseba sebe o mo entse sebe bakeng sa rona; re tle re etswe ho loka ha Modimo ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 5:21
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lengeloi la araba, la re ho yena: Moya o Halalelang o tla theohela hodima hao, mme matla a Ya hodimodimo a tla o kwahela;


Empa le latotse Mohalaledi le Ya lokileng, mme la kopa hore le newe mmolai;


Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Ke yena ya neng a neelwa ka baka la ditlolo tsa rona, mme a tsoswa hore re bewe ba lokileng.


Hobane jwalokaha ka ho se mamele ha motho a le mong ba bangata ba entswe baetsadibe, ka mokgwa o jwalo ba bangata ba tla bewa ba lokileng ka kutlo ya motho a le mong.


Empa lona le ho Kreste Jesu, ya re etseditsweng bohlale bo tswang ho Modimo, le ho loka, le kgalaletso, le topollo ho rona.


Ka baka leo, ha motho a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha: tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse.


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Mme ke fumanwe ho yena, ke se na ho loka ha ka ho tswang molaong, empa e le ka ho dumela ho Kreste, ho loka ho tswang ho Modimo ka tumelo.


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ke keng a re utlwela bohloko mefokolong ya rona; empa ya lekilweng nthong tsohle jwaloka rona, empa a se na sebe.


Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;


Hobane Kreste le yena o kile a shwela dibe hang feela, ya lokileng a shwela ba sa lokang, hore a tle a re ise ho Modimo, a bolawa nameng, empa a phediswa ke Moya.


Mme le a tseba hore yena o ile a bonahatswa hore a tlose dibe tsa rona; mme ho yena ha ho sebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ