Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 4:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Re jere mahloko a lefu la Jesu mmeleng ya rona kamehla, hore le bophelo ba hae bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 4:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le a mpona, hobane ke phela, le lona le tla phela.


Hobane ha re hlomilweng hammoho le yena lefung le tshwanang le la hae, re tla ba le tsoho e tshwanang le ya hae.


Jwale, ha re shwele le Kreste, re dumela hore re tla phela le yena;


jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ka baka la hao re ntse re bolawa letsatsi lohle; re nkwa re le dinku tse hlajwang.


Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.


Empa re ne re ahloletswe lefu ka ho rona, e le hore re se ke ra itshepa, re mpe re itshepe Modimo o tsosang bafu.


Hobane le hoja a ile a thakgiswa sefapanong ka bofokodi, empa o phela ka matla a Modimo. Hobane le rona re fokola ho yena, empa re tla phela le yena ka matla a Modimo bakeng sa lona.


Hobane rona ba phelang, kamehla re nehelanwa ka lefu ka baka la Jesu, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe nameng ya rona e shwang.


Ho tloha jwale, ho se be motho ya ntshwenyang, hobane mmeleng wa ka ke na le matshwao a Morena Jesu.


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Ke lentswe le tshepahalang: Hobane ha re shwele le yena, re tla phela le yena;


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Haeba le nyediswa ka baka la lebitso la Kreste, le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya le wa Modimo o dutse hodima lona;


Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwaloka hoja ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; Ke nna wa pele le wa morao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ