Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 3:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa dikelello tsa bona di ne di foufaditswe, hobane ho fihlela kajeno lona lesira leo le ntse le sa tlosoe ha ho balwa testamente ya kgale; lesira leo le tlositsweng ho Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Empa dikelello tsa bona di ne di foufaditswe, hobane ho fihlela kajeno lona lesira leo le ntse le sa tlosoe ha ho balwa testamente ya kgale; lesira leo le tlositsweng ho Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 3:14
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A araba, a re ho bona: Ke hobane le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.


Empa ha leihlo la hao le le lebe, mmele wohle wa hao o tla ba lefifing. Ha ho le jwalo, ha lesedi le ho wena e le lefifi, lefifi leo ke le leholo hakakang!


O foufaditse mahlo a bona, o thatafaditse dipelo tsa bona; e le hore ba se ke ba bona ka mahlo, kapa ba utloisisa ka lipelo tsa bona, ’me ba se ke ba sokoloha, ’me ke tla ba folisa.


Ke tlile lefatsheng ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna a se ke a dula lefifing.


Jesu a buša a bolela le bona a re: Ke nna seetša sa lefase;


Eitse hobane ho balwe Molao le Baporofeta, balaodi ba sinagoge ba romela ho bona, ba re: Banna ba heso, ekare ha le ena le lentswe la kgothatso bakeng sa setjhaba, le bolele.


Hobane haele mehleng ya kgale, Moshe o na a na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa matlung a thapelo ka Sabatha se seng le se seng.


Jwale mosadi e mong ya bitswang Lidia, morekisi wa diaparo tse pherese, wa motseng wa Thiatire, ya tshabang Modimo, ya neng a rapela Modimo, a re utlwa, eo pelo ya hae e neng e bulehile, hore a ele hloko tse bolelwang ke Pauluse.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Bana beso, ha ke rate hore le hloke tsebo ya sephiri sena, esere la ipona le le ba bohlale; hore bofofu bo hlahetse Iseraele ka nqa e nngwe, ho fihlela botlalo ba Baditjhaba bo kena.


Empa ho fihlela kajeno, ha Moshe a balwa, lesira le ntse le le hodima dipelo tsa bona.


Ke yena ya re entseng hore re be basebeletsi ba selekane se setjha; e seng wa letere, empa e le wa moya: hobane lengolo le a bolaya, empa moya ke wona o phedisang.


Hobane Modimo, ya laetseng hore lesedi le tjhabe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, hore o tle o re nee lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo sefahlehong sa Jesu Kreste.


Ba fifetse kutlwisiso, ba hole le bophelo ba Modimo ka ho se tsebe ho leng teng, ka baka la bofofu ba dipelo tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ