Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 2:14 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho roriswe Modimo o re neang ho hlola kamehla ka Kreste, o hasetsang hohle ka rona monkgo wa tsebo ya wona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 A re leboheng Modimo, ya re neang tlholo kamehla ka Kreste, mme ya utlwahatsang ka rona, dibakeng tsohle, monko o monate wa ho mo tseba,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 2:14
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke le boleletse taba tseo, hore le be le kgotso ho nna. Mo lefatsheng le tla ba le matshwenyeho: empa betang pelo; Ke hlotse lefatshe.


Sa pele, ke leboha Modimo wa ka ka Jesu Kreste bakeng sa lona bohle, hobane tumelo ya lona e bolelwa lefatsheng lohle.


Ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.


Empa ho lebohuwe Modimo, kahobane le ne le le bahlanka ba sebe, empa le mametse ka pelo yohle mokgwa wa thuto oo le o neilweng.


Tjhe, nthong tsena tsohle re fetisa bahlodi ka ya re ratileng.


Hobane e mong o newa ke Moya lentswe la bohlale; e mong o bolela lentswe la tsebo ka wona Moya oo;


Mme seo o se jalang, ha o jale mmele o tlang ho hlaha, empa o jala thollo feela, e ka ba koro kapa thollo e nngwe.


Empa a ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo ka Morena wa rona Jesu Kreste!


Le lona le ntse le thusana ka merapelo bakeng sa rona, hore diteboho tsa rona di tle di bokwe ke ba bangata molemong wa rona.


Empa ho lebohuwe Modimo ya kentseng tjheseho e tshwanang le eo pelong ya Tite bakeng sa lona.


A ho lebohuwe Modimo ka baka la neo ya hae e ke keng ya bolelwa.


Le tsamaye leratong, jwalokaha Kreste le yena a re ratile, mme a ikgafa bakeng sa rona, hore e be nyehelo le sehlabelo se monko o monate ho Modimo.


Le ntse le leboha kamehla Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


tse tlileng ho lona, jwalokaha di ntse di le teng lefatsheng lohle; mme le beha ditholwana, jwalokaha le etsa le ho lona, haesale le utlwahala, la tseba mohau wa Modimo ka nnete;


A hapile mebuso le mebuso, a e bonahatsa pontsheng, a e hlola ka yona.


Hobane lentswe la Morena le tumme ho tswa ho lona, e seng Masedonia le Akaia feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane hohle; hoo re sa hlokeng ho bua letho.


Hobane re ka busetsa teboho efe ho Modimo bakeng sa lona, ka thabo yohle eo re e thabelang ka baka la lona pela Modimo wa rona?


Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.


Tseo o di utlwileng ho nna hara dipaki tse ngata, o di bee matsohong a batho ba tshepehang, ba tlang ho tseba ho ruta ba bang.


Ba re: Amen: Poko, le kganya, le bohlale, le teboho, le hlompho, le matla, le bonatla, di be ho Modimo wa rona kamehla le mehla. Amen.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ