Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 13:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Itebeleng hore na le tumelong; iponahatseng. Na ha le tsebe hore Jesu Kreste o ka ho lona, haese ha le le ba nyatsehang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Itekoleng e le lona, le tle le bone ha le le tumelong; itekeng e le lona; na ha le itemohele hoba Kreste o ka ho lona, haese hoba mohlomong le le ba se nang ho amohelwa!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Itekoleng, mme le itlhahlobe, le tle le fumane hore na le phela ka tumelo. Ha ke re, le a tseba hore Kreste Jesu o teng ho lona, haese haeba le le ba sa amoheleheng?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Itebeleng hore na le tumelong; iponahatseng. Na ha le tsebe hore Jesu Kreste o ka ho lona, haese ha le le ba nyatsehang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 13:5
50 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata;


Dulang ho nna, le nna ho lona. Joalo ka ha lekala le ke ke la beha litholoana ka bolona, ha le sa lule sefateng sa morara; ha le ka ke la hlola le kgona, ha le sa dule ho nna.


Nna ke le ho bona, wena o ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng; mme lefatshe le tle le tsebe hobane o nthomile, mme o ba ratile, jwalokaha o nthatile.


Ke ba tsebisitse lebitso la hao, mme ke tla le bolela, hore lerato leo o nthatileng ka lona le be ho bona, le nna ke be ho bona.


Yo o jang nama ya me, a ba a nwa madi a me, o nna mo go nna, le nna mo go ene.


A bua hona ho mo leka, hobane o ne a tseba seo a tla se etsa ka boeena.


Mme erekaha ba ne ba sa rate ho dula ba tseba Modimo, Modimo o ba neeletse mehopolong e kgelohileng, hore ba etse tse sa tshwanelang;


Mme ha Kreste a le ka ho lona, mmele o shwele ka baka la sebe; empa Moya ke bophelo ka baka la ho loka.


Empa motho a ke a itlhahlobe, e le hore a ka ja bohobe boo, a noela senwelong seo.


Hobane ha re ka ikahlola, re ka be re sa tlo ahlolwa.


Ana ha le tsebe hoba le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o dutse ho lona na?


Ana ha le tsebe hoba mmele ya lona ke ditho tsa Kreste na? A ke tla nka ditho tsa Kreste, mme ke di etse ditho tsa seotswa? Molimo ha ho joalo.


Eng? Ana ha le tsebe hoba mmele wa lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo, mme ha le ba lona?


Na ha le tsebe hore bahalaledi ba tla ahlola lefatshe na? mme ekare ha lefatshe le ahlolwa ke lona, na ha le a tshwanela ho ahlola ditaba tse nyenyane na?


Ana ha le tsebe hoba ba mathang lebelong ba matha bohle, empa ya nkang moputso ke a le mong? Mathang jwalo, le tle le rue.


Empa ke itima mmele wa ka, mme ke a o laola, esere mohlomong, ha ke se ke boleletse ba bang, nna ka ba ya lahlwa.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Bana ba ka, bao ke boetseng ke utlwa bohloko ba pelehi ka baka la bona, Kreste a be a bopehe ka ho lona.


Empa e mong le e mong a ke a leke mosebetsi wa hae, mme ke moo a tla ba le thabo ka ho yena a nnotshi, e seng ho e mong.


Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Mme a sa tshware Hlooho, eo ho yona mmele wohle o sebeletswang ka manonyello le mahlapo, o hohelwang hammoho ka ho hola ha Modimo.


Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho.


Leha ho le joalo, o tla bolokeha ka ho tsoala bana, haeba ba tsoela pele tumelong le leratong le khalalelong le ho hlaphoheloa kelellong.


Jwale jwalokaha Janese le Jambrese ba hanyeditse Moshe, le bona bana ba lwantsha nnete jwalo, e le batho ba dikelello tse bodileng, ba nyatsehang mabapi le tumelo.


Bopaki bona ke nnete. Ka baka leo, o ba kgalemele ka thata, ba tle ba phele tumelong;


Ba bolela hore ba tseba Modimo; empa ba mo latola ka mesebetsi, e le ba manyala, ba hanang ho utlwa, le mesebetsing yohle e molemo, ba sa amohelwe.


Ke gore banna ba ba godileng ba nne tekatekano, ba le masisi, ba le tekatekano, ba itekanetse mo tumelong, mo loratong, le mo bopeloteleleng.


Lona lo lebeletse gore go se nne ope yo o tlhaelang tshegofatso ya Modimo; esere mohlomong motso o babang o ka mela, wa le ferekanya, mme ba bangata ba silafala ka wona;


Ka baka leo, a re tshabeng, esere mohlomong pallo ya ho kena phomolong ya hae e sa le teng, ho tle ho se ke ha bonahala e mong wa lona a haellwa ke yona.


Empa e medisang meutlwa le dibajwana, e a lahlwa, mme e haufi le thohako; eo pheletso ya yona eleng ho tjheswa.


Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.


Le hanyetse yena, le tiile tumelong, le ntse le tseba hore dihloriso tseo di hlahela banababo lona ba lefatsheng.


Hopola moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ