Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 11:10 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Jwalokaha nnete ya Kreste e le ka ho nna, ha ho motho ya tla nthibela boithoriso bona dinaheng tsa Akaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke ometse ka nnete ya Kreste, e leng ho nna, hoba nke ke ka amohuwa sebaka seo sa ho ithorisa seo ke nang le sona mafatsheng a Akaea.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ke ikana ka nnete ya Kreste e ka ho nna, hore boithoriso bona ba ka bo ke ke ba kgaotsa dibakeng tsa Akaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Jwalokaha nnete ya Kreste e le ka ho nna, ha ho motho ya tla nthibela boithoriso bona dinaheng tsa Akaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 11:10
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Galio e le mmusisi wa Akaia, Bajuda ba tsohela Pauluse matla a le mong, ba mo isa kgotla.


Eitse ha a rata ho fetela Akaia, baena ba ngola, ba kgothatsa barutuwa hore ba mo amohele;


Hobane Modimo oo ke o sebeletsang ka moya wa ka ka Evangeli ya Mora wa wona, ke paki ya ka ya hore ha ke phetse ho le hopola merapelong ya ka;


Le dumedise le kereke e ka tlung ya bona. Ntumedisetseng Epaeneto, moratuwa wa ka, eo e leng thakangwaha ya Akaya ho Kreste.


Ke bua nnete ka Kreste, ha ke bue leshano, letswalo la ka le ntse le mpakela ka Moya o Halalelang.


Bana beso, ke a le rapela: Le a tseba ba ntlo ya Setefanase hore ke dithakangwaha tsa Akaya, le hoba ba ikahetse tshebeletso ya bahalaledi;


Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.


Hape ke bitsa Modimo hore e be paki ya moya wa ka, hore ka baka la ho le hauhela, ha ke eso fihle Korinthe.


Re se ke ra ithorisa ho feta tekanyo ya rona, e leng mesebetsi ya ba bang; empa re na le tshepo ya hore, mohla tumelo ya lona e ntseng e hola, re tla hodiswa haholo ke lona, ho ya ka tekanyo ya rona;


Empa seo ke se etsang, ke tla se etsa, ke tle ke kgaole monyetla ho ba batlang monyetla; e le hore seo ba ithorisang ka sona, ba ka fumanoa ba tšoana le rōna.


Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hore ha ke bue leshano.


Hape, le re re ikemela ho lona? re bua pela Modimo re le ho Kreste: empa re etsa ntho tsohle, baratuwa, bakeng sa ho le hahisa.


Hobane ke tseba tjheseho ya lona, eo ke ithorisang ka lona ho ba Masedonia, ka hoba Akaia e ne e se e le selemo se fetileng; mme tjheseho ya lona e habile ba bangata haholo.


Jwale, tseo ke le ngollang tsona, bonang, pela Modimo, ha ke bue leshano.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Le dipaki, le Modimo le wona, kamoo re tsamaileng kateng hara lona ba dumelang, ka ho halalela, le ka ho loka, le ho hloka sekodi.


Hobane le ka mohla le a tseba, ha re a ka ra bua mantswe a rorisang, leha e le ho ipakela leruo; Molimo ke paki:


Tseo ke kgethetsweng ho ba mmoledi le moapostola wa tsona, ke bolela nnete ka Kreste, ha ke etse leshano, ke le moruti wa baditjhaba tumelong le nneteng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ