Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 1:22 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Ke yena ya re tiisitseng, mme a re nea tebeletso ya Moya dipelong tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 e leng wona hape o re tshwaileng, o re neileng ditebeletso tsa Moya dipelong tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 ya re tshwaileng ka letshwao la hae, mme ya re fileng Moya o Halalelang dipelong tsa rona, e le ho tiisa hore tse tlang di tla tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Ke yena ya re tiisitseng, mme a re nea tebeletso ya Moya dipelong tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 1:22
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke wa nnete.


Le se ke la sebeletsa dijo tse felang, le mpe le sebeletse dijo tse hlolang ho isa bophelong bo sa feleng, tseo Mora motho a tla le nea tsona;


O ile a amohela pontsho ya lebollo, e le tiiso ya ho loka ha tumelo eo a neng a ena le yona pele a eso bolle, hore e tle e be ntata bohle ba dumelang, leha ba eso bolle; e le hore le bona ba ka ballwa ho loka.


Mme e seng tsona feela, empa le rona ba nang le dithakangwaha tsa Moya, le rona ka borona re a fehelwa ka hare ho rona, re lebeletse ho nkelwa bana, e leng topollo ya mmele ya rona.


Empa lona ha le phele nameng, le laolwa ke Moya, ha Moya wa Modimo o ahile ka ho lona. Jwale, ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Jwale ya re etseditseng hona hoo ke Modimo, o re neileng tebeletso ya Moya.


Le se ke la swabisa Moya o Halalelang wa Modimo, oo le tshwauweng ka wona ho isa letsatsi la topollo.


Ka baka leo, ya nyatsang ha a nyatse motho, empa o nyatsa Modimo, wona o re neileng Moya o Halalelang wa wona.


Leha ho le jwalo, motheo wa Modimo o tiile, o nang le tiiso ena: Morena o tseba ba hae. Hape, e mong le e mong ya bolelang lebitso la Kreste a ke a furalle bokgopo.


Ya nang le tsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke; Ya hlolang ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, mme ke tla mo fa lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho ngotswe lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ya le amohelang.


A re: Le se ke la senya lefatshe, leha e le lewatle, leha e le difate, re be re tiise bahlanka ba Modimo wa rona diphatleng tsa bona.


Ya laelwa hore e se ke ya senya jwang ba lefatshe, leha e le letho le letala, leha e le sefate sefe kapa sefe; haese feela banna ba se nang tiiso ya Modimo diphatleng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ