Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Bakorinthe 1:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Jwale ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Mme ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ke Modimo ka boyena ya re tiisang mmoho le lona ho Kreste; ya re tlotsitseng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 Jwale ya re tiisang le lona ho Kreste, ya re tlotsitseng, ke Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Bakorinthe 1:21
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Ka moo Modimo o tlotsitseng Jesu wa Nasaretha ka Moya o Halalelang le ka matla, ya neng a potoloha a ntse a etsa hantle, a fodisa bohle ba hateletsweng ke Diabolosi; hobane Modimo o ne a ena le yena.


Jwale, ho yena ya nang le matla a ho le tiisa Evangeling ya ka, le ka thero ya Jesu Kreste, ka tshenolo ya sephiri se neng se patilwe ho tloha mehleng ya boholoholo.


Empa lona ha le phele nameng, le laolwa ke Moya, ha Moya wa Modimo o ahile ka ho lona. Jwale, ha motho a se na Moya wa Kreste, hase wa hae.


Ke yena ya tla le tiisa ho isa qetellong, le tle le hloke sekodi ka letsatsi la Morena wa rona Jesu Kreste.


Jwale ya re etseditseng hona hoo ke Modimo, o re neileng tebeletso ya Moya.


Le metse ka metso ho yena, le ntse le hahilwe ho yena, mme le tiisitswe tumelong, jwalokaha le rutilwe, le ntse le atetswe ke teboho.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.


Ke moo ho tla senolwa ya kgopo, eo Morena a tlang ho mo timetsa ka moya wa molomo wa hae, mme a mo fedise ka ponahalo ya ho ba teng ha hae.


Empa Morena o a tshepeha, ya tla le tiisa, a le lebela ho e mobe.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Empa lona le na le tlotso e tswang ho Mohalaledi, mme le tseba tsohle.


Empa tlotso eo le e amohetseng ho yena e dutse ho lona, mme ha le hloke hore le rutwe ke motho, le nne ho yena.


O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tshweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di se ke tsa bonahala; mme o tlotse mahlo a hao ka moriana wa mahlo, hore o tle o bone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ