Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 6:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa ba ratang ho rua, ba wela molekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tebelang batho timelong le tahlehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Ha e le ba ikemiseditseng ho rua, ba wela lerabeng la moleko, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tetebeletsang batho tshenyehong le timelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Empa ba ratang ho rua, ba wela molekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata tsa bothoto, tse kotsi, tse tebelang batho timelong le tahlehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 6:9
42 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya jetsweng meutlweng, ke ya utlwang lentswe; mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, di bipetsa lentswe, mme le fetoha le sa beheng.


Empa mohlankana ha a utlwa polelo eo, a tloha a swabile;


A re ho bona: Le tla mpha eng, mme ke tla nehelana ka yena ho lona? Mme ba etsa selekane le yena ka ditjhelete tse mashome a mararo tsa silefera.


Le se ke la ipolokela matlotlo lefatsheng, moo tshwele le mafome di senyang, le moo mashodu a fatang, a utswang.


Mme dipelaelo tsa lefatshe lena, le thetso ya maruo, le ditakatso tsa dintho tse ding, di kene, di pupetse lentswe, mme le be le sa beheng.


Ho joalo le ka ea ipolokelang letlotlo, empa a sa ruela ho Molimo.


Hobane le tla oela bohle ba ahileng lefatšeng lohle joalo ka leraba.


Petrose a re ho yena: Chelete ya hao e ke e timele le wena, kahobane o hopotse hore neo ya Modimo e ka rekwa ka tjhelete.


hore le hlobole motho wa kgale ka tsa motsamao wa pele, o bodileng ka ditakatso tse thetsang;


le ntse le tseba hobane molao ha o a etsetswa ya lokileng, empa o etseditswe ba kgopo, le ba sa utlweng, ba kgopo, le baetsadibe, ba sa halaleleng, ba ditshila, babolai ba bontata bona, le babolai ba bomma bona, le babolai.


Ho feta moo, e ka kgona a bolelwe ke ba kantle; esere a wela sekgobong le lerabeng la Diabolosi.


Hobane lerato la leruo ke motso wa makgopo wohle;


Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.


le hore ba tle ba hlaphoheloe lerabeng la Diabolose, bao a ba tshwasitseng ho etsa thato ya hae.


E re ruta hore re lahle bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, mme re phele ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi, lefatsheng lena;


Ka baka la ho chacheha ka mohono, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano;


Ho malimabe bona! hobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba mathela phosong ya Balaame ka meharo, ba batla moputso, mme ba timetse ka ketso ya Kora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ