Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 6:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Dikgang tse kgopo tsa batho ba dikelello tse bodileng, ba hlokang nnete, ba lekanya hore leruo ke borapedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le diphapang tsa lefeela tsa batho ba maikutlo a bodileng, ba lahlehetsweng ke nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho rua. Kgaohana le ba jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Dikgang tse kgopo tsa batho ba dikelello tse bodileng, ba hlokang nnete, ba lekanya hore leruo ke borapedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 6:5
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le mpe le etse sefate se setle, le ditholwana tsa sona e be tse ntle; kapa le mpe le etse sefate se sebe, le ditholwana tsa sona e be tse mpe: hobane sefate se tsejwa ka ditholwana tsa sona.


A re ho bona: Ho ngodilwe, ho thwe: Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo; empa lona le e entse lehaha la mashodu.


Empa ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo;


Empa ekare ha motho a rata manganga, rona ha re na mokgwa o jwalo, leha e le dikereke tsa Modimo.


Jwale, banabeso, re le laela ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, hore le ikarole ho ngwanabo rona e mong le e mong ya tsamayang ka mokgwa o sa laoleheng, e seng ka mokgwa oo le o amohetseng ho rona.


Ke tseo ba bang ba di kgelohileng, ba kgelohetse puong ya lefeela;


e se lekgoba la veine, e se sehlabane, e se ya chachehelang leruo le ditshila; a mpe a mamelle, a se ke a loana, a se ke a chacheha ka mohono;


Ka mokgwa o jwalo, e be bahlanka ba hlonephang;


O mpe o hane ditshomo tse hlomphollang le tsa basadibaholo, mme o itlwaetse borapedi.


Hobane ho thapisa mmele ha ho thuse letho, empa borapedi bo na le thuso nthong tsohle, bo na le pallo ya bophelo ba jwale, le ya bo tlang ho tla.


Empa borapedi bo nang le kgotsofalo ke leruo le leholo.


ba nang le sebopeho sa borapedi, empa ba latola matla a jona;


Jwale jwalokaha Janese le Jambrese ba hanyeditse Moshe, le bona bana ba lwantsha nnete jwalo, e le batho ba dikelello tse bodileng, ba nyatsehang mabapi le tumelo.


Ba melomo ya bona e tla thijwa, e leng ba heletsang matlo kaofela, ka ho ruta tse sa tshwanelang, ka baka la leruo le ditshila.


ba furaletseng tsela e lokileng, ba kgelohile ka ho latela tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo;


Ka baka la ho chacheha ka mohono, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano;


Ho malimabe bona! hobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba mathela phosong ya Balaame ka meharo, ba batla moputso, mme ba timetse ka ketso ya Kora.


le sinamone, le dibano, le ditlolo, le dibano, le veine, le ole, le phofo e thumisehileng, le koro, le makgomo, le dinku, le dipere, le makoloi, le makgoba le meya ya batho.


Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya kgalefo ya bohlola ba hae, mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba tla rua ka bongata ba menate ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ