Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 6:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Bohle ba leng ka tlas’a joko ba ka nka beng ba bona e le ba tšoaneloang ke hlompho eohle, hore lebitso la Molimo le thuto ea oona li se ke tsa nyefoloa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bahlanka bohle ba jokong ba lekanye hoba beng ba bona ba loketswe ke hlompho yohle, lebitso la Modimo le thuto di tle di se ke tsa nyefolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Bohle ba leng ka tlas’a joko ba ka nka beng ba bona e le ba tšoaneloang ke hlompho eohle, hore lebitso la Molimo le thuto ea oona li se ke tsa nyefoloa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 6:1
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane joko ea ka e bobebe, mojaro oa ka o bobebe.


Empa le ne le ile ho bonang? Moprofeta? ee, ke a le bolella, ya fetisang le moporofeta.


Yaba o re ho barutuwa: Ho ke ke ha etsahala hore dikgopiso di tle; empa ho madimabe eo di tlang ka yena!


Ba re: Kornele, molaodi wa lekgolo, monna ya lokileng, ya tshabang Modimo, ya bolelwang ke setjhaba sohle sa Bajuda, o lemositswe ke Modimo ke lengeloi le halalelang, hore a romele hore o tle tlung ya hae, a tle a utlwe mantswe oa hao.


Eitse ha lengeloi le buang le Kornele le tlohile, a bitsa bahlanka ba hae ba babedi, le mohlabani e mong ya tshabang Modimo hara ba mo sebeletsang kamehla;


Jwale, ke ka baka lang le lekang Modimo ka ho jara barutuwa ba bona joko melaleng, eo bontata rona le rona re sa kang ra khona ho e jara?


Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa hara baditjhaba ka lona, jwalokaha ho ngodilwe.


Le se ke la kgopisa Bajuda, leha e le Baditjhaba, leha e le kereke ya Modimo;


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la tshwaswa joko ya bohlanka.


Ka baka leo, ke rata hore basadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba tsamaise malapa a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka sa ho nyefola.


ba be masene, ba hlweke, ba hlokomele malapa a bona, ba be molemo, ba utlwe banna ba bona, e le hore lentswe la Modimo le se ke la nyefoloa.


Le be le metsamao e metle hara baditjhaba, hore, leha ba le bua hampe, ba re le le baetsadibe, ba tle ba tlotlise Modimo ka letsatsi la kahlolo ka mesebetsi ya lona e metle, eo ba e bonang.


Le be le letswalo le letle; e le hore, ha ba le nyefola, jwaloka hoja ba le baetsadibe, ba hlajwang ke dihlong ka metsamao ya lona e metle ho Kreste ba hlajwe ke dihlong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ