Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 4:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Hobane ho thapisa mmele ha ho thuse letho, empa borapedi bo na le thuso nthong tsohle, bo na le pallo ya bophelo ba jwale, le ya bo tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Kwetliso ya mmele ha e na thuso e kgolo, athe borapedi bo na le thuso dinthong tsohle, bo re tshepisa bophelo ba hona jwale, esita le ba nako e tlang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Hobane ho thapisa mmele ha ho thuse letho, empa borapedi bo na le thuso nthong tsohle, bo na le pallo ya bophelo ba jwale, le ya bo tlang ho tla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 4:8
52 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

E mong le e mong ya buang lentswe le nyefolang Mora motho, o tla tshwarelwa, empa e mong le e mong ya buang kgahlanong le Moya o Halalelang, a ke ke a tshwarelwa, leha e le lefatsheng lena, leha e le le tlang ho tla.


Mme e mong le e mong ya tlohetseng matlo, kapa banababo, kapa dikgaitsedi, kapa ntatae, kapa mmae, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla fuwa halekgolo, mme o tla rua bophelo bo sa feleng.


Le mpe le batle mmuso wa Modimo le ho loka ha wona pele; mme ntho tseo tsohle le tla di ekeletswa.


Empa o tla newa ha lekgolo jwale nakong ena, matlo, le banababo, le dikgaitsedi, le bommae, le bana, le masimo, hammoho le dihloriso; mme mehleng e tlang, bophelo bo sa feleng.


Empa veine e ncha e tšeloa makukeng a macha; mme bobedi ba bolokeha.


Mme re a tseba hore dintho tsohle di sebetsa hammoho molemong wa ba ratang Modimo, e leng ba bitswang ka morero wa wona.


leha e le Pauluse, leha e le Apolose, leha e le Kefase, leha e le lefatshe, leha e le bophelo, leha e le lefu, leha e le tsa jwale, leha e le tse tlang ho tla; tsohle ke tsa hao;


Empa dijo ha di re atamele pela Modimo; leha re sa je, ha re je.


O mpe o hane ditshomo tse hlomphollang le tsa basadibaholo, mme o itlwaetse borapedi.


Ekare ha motho a ruta thuto esele, mme a sa dumellane le dipolelo tse phelisang tsa Morena wa rona Jesu Kreste, le thuto ya borapedi;


Dikgang tse kgopo tsa batho ba dikelello tse bodileng, ba hlokang nnete, ba lekanya hore leruo ke borapedi;


Empa borapedi bo nang le kgotsofalo ke leruo le leholo.


ba nang le sebopeho sa borapedi, empa ba latola matla a jona;


Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.


Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tse sa tlwaelehang. Hobane ho hotle ha pelo e tiiswa ka mohau; e seng ka dijo tse ba neng ba itshwere ka tsona ba sa kang ba ba thusa.


Mme tshepiso eo a re tshepisitseng yona ke ena, bophelo bo sa feleng.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Ya hlolang ke tla mo nea ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ