Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Timothea 2:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele, ba phahamise matsoho a se nang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Jwale ke rata hore banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a halalelang, ba se na kgalefo le dipelaelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Timothea 2:8
48 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a araba, a re ho bona: Kannete ke re ho lona: Ha le na le tumelo, mme le sa belaele, le ke ke la etsa se etswang sefate sa feiye feela, empa le ha le ka re ho thaba ena: Tloha! mme o dihelwe lewatleng; ho tla etsoa.


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle;


Mme o re tshwarele melato ya rona, jwalokaha le rona re tshwarela ba nang le melato ho rona.


Jesu a re: Ntate, ba tshwarele; hobane ha ba tsebe seo ba se etsang. Mme ba arolelana diaparo tsa hae, mme ba lahla lotho.


Yaba o ba etella pele ho ya fihla Bethania, a phahamisa matsoho a hae, a ba hlohonolofatsa.


Jesu a re ho yena: Mosadi, ntumele, nako e a tla, eo le ke keng la rapela Ntate thabeng ena, leha e le Jerusalema.


E ne e le monna wa borapedi, ya tshabang Modimo le bohle ba ntlo ya hae, ya neng a abela setjhaba dimpho tse ngata, a rapela Modimo kamehla.


A re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di hopotswe pela Modimo.


Eitse ha a mo tadima, a tshoha, a re: Ke eng, Morena? A re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse ho ba kgopotso pela Modimo.


Eitse hobane re qete matsatsi ao, ra tloha, ra ikela; mme bohle ba re felehetsa, le basadi le bana, ho fihlela kantle ho motse;


A kgumama, a howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: Morena, o se ke wa ba balla sebe sena. Eitse hobane a bue jwalo, a ithoballa.


re ngolla phutheho ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang lebitso la Jesu Kreste hohle, la Morena wa rona, la bona le la rona.


Hobane ke lakatsa eka batho bohle ba ka ba jwaloka nna. Empa e mong le e mong o na le neo ya hae ya Modimo, e mong ka mokgwa ona, e mong ka mokgwa oo.


A ho lebohuwe Modimo ya re fang tlholo kamehla ka Kreste, mme a bonahatsa monko wa tsebo ya wona ka rona dinqalong tsohle.


Empa ke rata ha le ka utlwisisa, banabeso, hore tse nketsahaletseng di hlahile haholo ho ntshetsa pele Evangeli;


Hobane lentswe la Morena le tumme ho tswa ho lona, e seng Masedonia le Akaia feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane hohle; hoo re sa hlokeng ho bua letho.


Ka baka leo, ke rata hore basadi ba batjha ba nyalwe, ba tswale bana, ba tsamaise malapa a bona, ba se ke ba nea mohanyetsi sebaka sa ho nyefola.


Polelo ena e a tshepahala, mme ke rata hore o tiise taba tseo ka mehla, hore ba dumetseng ho Modimo ba tle ba ele hloko ho boloka mesebetsi e metle. Dilo tse, di molemo, di molemo mo bathong.


A re atameleng ka dipelo tsa nnete, ka tumelo e tiileng, re fafaditswe dipelo ho tloswa matswalo a mabe, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


Atamelang ho Modimo, mme o tla le atamela. Hlwekisang matsoho a lona, lona baetsadibe; mme le hlwekise dipelo tsa lona, lona ba dipelo tse pedi.


Ka mokgwa o jwalo, le lona banna, dulang le bona ka tsebo, le ntse le hlompha basadi, jwaloka pitsa e fokolang, le majalefa hammoho le bona a mohau wa bophelo hore merapelo ya lona e tle e se ke ya sitiswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ