Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 5:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke kgothatsa baholo ba ho lona, nna ke leng moholo le bona, le paki ya mahlomola a Kreste, le ya nang le kabelo kganyeng e tlang ho senolwa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, nna ke le e mong wa bona, ke bile ke le paki ya mahloko a Kreste, ke ena le kabelo tlotleng ya hae e tlang ho bonahatswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 5:1
38 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


Empa le tla amohela matla, Moya o Halalelang o tle ho lona, mme le tla ba dipaki tsa ka Jerusalema, le Judea yohle, le Samaria, le ho isa pheletsong ya lefatshe.


Ba fela ba etsa jwalo, mme ba e romela ho baholo ka matsoho a Barnabase le Saule.


Eitse hobane ba ba beele baholo phuthehong e nngwe le e nngwe, ba rapele ka ho itima dijo, ba ba bea ho Morena, eo ba dumetseng ho yena.


Eitse ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo, mme ba bolela tsohle tseo Modimo o di entseng ka bona.


Baapostola le baholo ba bokana ho buisana ka taba ena.


Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.


Ha a le Mileta, a romela Efese, a bitsa baholo ba kereke.


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Ka la hosasane Pauluse a kena le rona ho Jakobo; le baholo bohle ba ne ba le teng.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Hobane rea tseba hoba ntlo ya rona e lefatsheng, e leng tabernakele, ha e heleha, re na le mohaho o tswang ho Modimo, e leng ntlo e mahodimong e sa etswang ka matsoho, e sa feleng.


Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.


Hobane ke tseba hoba hoo ho tla mphetohela poloko ka merapelo ya lona, le ka tlatsetso ya Moya wa Jesu Kreste;


O se ke wa kgalemela moholo, o mpe o mo laele jwaloka ntatae; le banna ba batjha jwaloka bana ba motho;


O se ke wa amohela qoso e qosang moholo, e mpe e be ka dipaki tse pedi, kapa tse tharo.


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


Ke ka baka leo ke o siileng Kreta, hore o tle o lokise ditaba tse neng di le siyo, mme o beele baholo metseng yohle, jwalokaha ke o laetse.


Leha ho le jwalo, ka baka la lerato, ke a o rapela haholo, kahobane ke le Pauluse wa leqheku, mme jwale ke bile ke le motshwaruwa ka baka la Jesu Kreste.


Ka baka leo, erekaha le rona re teetswe hare ke leru le leholo hakalo la dipaki, a re lahleng boima bo bong le bo bong le sebe se re tshwasang ha bonolo, mme a re matheng ka mamello peisong eo re e beetsweng.


Ba senoletswe hore e ne e se bakeng sa bona, empa e ne e le rona ba sebeletsang dintho tseo le di bolellwang jwale ke ba le boleletseng molaetsa o molemo ka Moya o Halalelang o tswang lehodimong tseo mangeloi a lakatsang ho di sheba.


E le hore ho lekwa ha tumelo ya lona, e leng ya bohlokwa ho feta kgauta e timelang, leha e lekwa ka mollo, ho tle ho fihlelwe e le thoriso, le hlompho, le kganya mohla Jesu Kreste a hlahang.


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Moholo ke ngolla mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng; mme e seng nna feela, empa le bohle ba tsebileng nnete;


Nna moholo ke ngolla Gaiase, moratuwa, eo ke mo ratang nneteng.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ