Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 4:13 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 empa erekaha le nkile kabelo mahlomoleng a Kreste, thabang hore, mohla kganya ya hae e bonahalang, le tle le thabe ka nyakallo e fetisisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

13 Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 4:13
35 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


Mong wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane!


Morena wa hae a re ho yena: O entse hantle, mohlanka ya molemo, ya tshepehang; o tshepehile dinthong tse seng kae, ke tla o bea hodima tse ngata: kena thabong ya morena wa hao.


Mohla Mora motho a tlang ka kganya ya hae, a ena le mangeloi a halalelang kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Thabang, le nyakalle, hobane moputso wa lona o moholo mahodimong;


Mang kapa mang ya tla hlajwa ke dihlong ka nna le ka dipolelo tsa ka molokong ona o mofebi, o moetsadibe. Mora motho le yena o tla hlajwa ke dihlong ka yena, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae a ena le mangeloi a halalelang.


Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora motho a tla senolwa ka lona.


Eitse hara mpa ya bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela, mme batshwaruwa ba ne ba ba utlwa.


Yaba bona ba tloha kapele ho lekgotla, ba thabile hobane ba ne ba kailwe ba tshwanela ho hlomphollwa ka baka la lebitso la hae.


Mme e seng hoo feela, empa re ithorisa le ka ditsietsi;


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.


Hobane jwalokaha mahlomola a Kreste a re atile, matshediso a rona le wona a re atile ka Kreste.


Mme tsholofelo ya rona ka ga lona e nitame, ka re itse gore, jaaka lo tlhakanetse mo dipogong, le lona lo tlaa nna le seabe mo kgomotsong.


Ka mehla re jara ho shwa ha Morena Jesu mmeleng, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahatswe mmeleng ya rona.


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Hore ke tle ke mo tsebe, le matla a tsoho ya hae, le kopano ya mahloko a hae, ke tle ke tshwantshe le lefu la hae;


Ke thabile jwale mahlokong a ka ka baka la lona, mme nameng ya ka ke tlatsa se saletseng mahlokong a Kreste, ka baka la mmele wa hae, e leng kereke;


Haeba re mamella, le rona re tla busa le yena;


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


Hobane le bileditswe hona, hobane Kreste le yena o utlwile bohloko bakeng sa rona, a le siela mohlala, hore le latele mehato ya hae.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.


Empa Modimo wa mehauhelo yohle, o re bileditseng kganyeng ya wona e sa feleng ka Kreste Jesu, etlare hobane le utlwe bohloko ka nakwana, o tla le etsa ba phethahetseng, o le tiise, o le matlafatse, o le thee.


Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.


Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.


Nna Johanne, ke leng ngwanabo lona, ya abetsweng le lona matshwenyeho, le mmuso le mamello ya Jesu Kreste, ke ne ke le sehlekehlekeng se bitswang Patmose, ka baka la Lentswe la Modimo, le ka baka la bopaki ba Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ