Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:9 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:9
50 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batho ba neng ba dutse lefifing ba bone lesedi le leholo; mme lesedi le tjhabetse ba neng ba dutse naheng le moriting wa lefu.


Lesedi la lona a le kganyetse batho jwalo, hore ba tle ba bone mesebetsi ya lona e metle, mme ba tlotlise Ntata lona ya mahodimong.


Ho kgantsha ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, ho tataisetsa maoto a rona tseleng ya kgotso.


Mme ke a iitshepisa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Itebeleng, le hlokomele le mohlape wohle, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo, eo o ithuetseng yona ka madi a hae.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Yaba Agripa o re ho Pauluse: O batla o nkgodisa hore ke be Mokreste.


Le rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara Baditjhaba?


Ekare ha motho a senya tempele ya Modimo, Modimo o tla mo senya; gonne tempele ya Modimo e boitshepo, e lo leng lona.


eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona.


E be thoriso ya kganya ya mohau wa wona, oo o re neileng kamohelo ka wona ho Moratuwa.


Ho yena ho ke ho be le kganya ka kerekeng ka Kreste Jesu ho isa melokong yohle, ka ho sa feleng! Amen.


Ke mathela moputsong wa pitso e phahameng ya Modimo, ka Jesu Kreste.


Ya re lopolotseng matleng a lefifi, mme a re isa mmusong wa Mora wa hae ya ratwang.


Ke yena ya re pholositseng, mme a re bitsa ka pitso e halalelang, e seng ka ho ya ka mesebetsi ya rona, empa ka ho ya ka morero wa wona le mohau wa wona, oo re o neilweng ka Kreste Jesu mehleng ya kgale,


Ya ineetseng bakeng sa rona, hore a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a itlhwekisetse setjhaba seo e leng sa hae, se tjhesehelang mesebetsi e molemo.


Ba kgethilweng ho ya ka tsebo e sa le pele ya Modimo Ntate, ka kgalaletso ya Moya, ho isa kutlong le ho fakweng ka madi a Jesu Kreste: A le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


Wa re etsa marena le baprista ho Modimo wa rona, mme re tla busa hodima lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ