Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Le lona, jwaloka majwe a phelang, le hahilwe ntlo ya moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a amohelehang ho Modimo ka Jesu Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:5
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela ka mehauhelo ya Modimo, hore le hlahise mebele ya lona e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Modimo, e leng tshebeletso ya lona ya kelello.


Hore ke tle ke be mosebeletsi wa Kreste Jesu ho baditjhaba, ya bolelang Evangeli ya Modimo, hore sehlabelo sa baditjhaba se tle se amohelehe, se halaleditswe ke Moya o Halalelang.


Ana ha le tsebe hoba le tempele ya Modimo, le hoba Moya wa Modimo o dutse ho lona na?


Hobane re basebetsi mmoho le Modimo; le tshimo ya Modimo, le mohaho wa Modimo.


Eng? Ana ha le tsebe hoba mmele wa lona ke tempele ya Moya o Halalelang o ka ho lona, oo le o filweng ke Modimo, mme ha le ba lona?


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, haholo ba ntlo ya tumelo.


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


Ee, le fa ke ka ntshiwa mo setlhabelong le mo tirelong ya tumelo ya lona, ke a itumela, mme ke ipela le lona lotlhe.


Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Eng kapa eng eo le e etsang ka lentswe kapa ketso, le etse tsohle ka lebitso la Morena Jesu, le ntse le leboha Modimo le Ntate ka yena.


Empa ha nka dieha, o tle o tsebe kamoo o tshwanetseng ho itshwara kateng ka tlung ya Modimo, e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.


Empa lona, le moloko o kgethilweng, baprista ba marena, setjhaba se halalelang, setjhaba sa ho kgetheha; hore le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng ho le ntsha lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang.


E mong ha a bua, a bue jwalokaha e le dipolelo tsa Modimo; ekare ha motho a sebeletsa, a e sebeletse ka matla ao Modimo a fanang ka wona, hore Modimo o tle o tlotliswe nthong tsohle ka Jesu Kreste, eo poko le matla a hae e leng tsa kamehla le mehla. Amen.


Hobane nako e fihlile ya hore kahlolo e qale ka tlung ya Modimo;


O re entse marena le baprista ba ho Modimo Ntata wona; ho eena e be khanya le matla ka ho sa feleng le kamehla. Amen.


Ho lehlohonolo, ho halalela ba nang le kabelo tsohong ya pele; lefu la bobedi ha le na matla hodima ba jwalo, empa e tla ba baprista ba Modimo le ba Kreste, mme ba tla busa le yena ka dilemo tse sekete.


Ya hlolang ke tla mo etsa tshiya ka tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa, mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka: mme ke tla ngola hodima hae lebitso la ka le letjha.


Wa re etsa marena le baprista ho Modimo wa rona, mme re tla busa hodima lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ