Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:24 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ke yena ya ileng a jara dibe tsa rona mmeleng wa hae sefateng, hore rona, ba shweleng ka nqeng ya dibe, re phelele ho loka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:24
50 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o ba lokollela Barabase, mme eitse hobane a shape Jesu, a mo neela ho thakgiswa.


Hobane ke re ho lona: Ho loka ha lona ha ho sa fete ho ba bangodi le ba Bafarisi, le ke ke la kena mmusong wa mahodimo le ka mohla o le mong.


e le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta Esaia, ha a re: O nkile mefokolo ya rona, mme a jere malwetse a rona.


Pilato, ka ho rata ho kgahlisa bongata, a ba lokollela Barabase, mme a neela Jesu, ha a mo shape, hore a thakgiswe.


Moya wa Morena o hodima ka, hobane o ntlotseditse ho bolella mafutsana Evangeli; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba holehilweng tokoloho, le difofu hore di boele di bone, le ho lokolla ba hateletsweng.


Ka la hosasane a bona Jesu a etla ho yena, a re: Bonang, Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Empa hara setjhaba se seng le se seng, ya o tshabang, mme a etsa ho lokileng, o a amoheleha ho yena.


Mme rona re dipaki tsa tsohle tseo a di entseng naheng ya Bajuda le Jerusalema; eo ba mmolaileng, ba mo fanyeha sefateng;


Eitse hobane ba phethe tsohle tse ngodilweng ka yena, ba mo theola sefateng, ba mmea lebitleng.


Modimo wa bontata rona o tsositse Jesu, eo le mmolaileng ka ho mo fanyeha sefateng.


Ka mokgwa o jwalo le lona, le inka le le ba shweleng ka nqeng ya sebe, empa le phelela Modimo ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Le se ke la nehelana ka ditho tsa lona sebeng, hore e be disebediswa tsa bokgopo;


Na ha le tsebe hoba eo le ineelang yena ho ba bahlanka ba ho mo utlwa, le bahlanka ba eo le mo utlwang; leha e le ba sebe se isang lefung, kapa ba kutlo e isang ho lokeng?


Modimo a se ke a eba teng. Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka boela ra phela jwang ho sona?


Empa jwale, ha le lokolotswe sebeng, mme le le bahlanka ba Modimo, le na le ditholwana tsa lona tse isang kgalalelong, mme qetello ke bophelo bo sa feleng.


Empa jwale re lokolotswe molaong, re shwele ho seo re neng re le ditlamong tsa wona; re tle re sebeletse ka botjha ba moya, e seng ka mokgwa wa kgale wa lengolo.


Hobane pele ho tsohle ke le neile seo le nna ke se amohetseng, ke hore Kreste o shwetse dibe tsa rona, ho ya ka Mangolo;


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, ho bolela Jehova, le se ke la ama sesila; mme ke tla le amohela,


Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho ba thohako bakeng sa rona;


(Hobane tholwana ya Moya ke molemo wohle le ho loka le nnete;)


le ntse le tletse ditholwana tsa ho loka, tse tswang ka Jesu Kreste, hore e be tlotliso le thoriso ho Modimo.


A hlakotse lengolo la melao e neng e le kgahlano le rona, le neng le hanyetsana le rona, mme a le tlosa tseleng, a le kokotela sefapanong sa hae;


Ha ho le jwalo, ha le shwele le Kreste ho tloha ho tsa pele tsa lefatshe, ke ka baka lang le ipea tlasa melao, jwaloka hoja le phela lefatsheng?


Hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patilwe le Kreste ho Modimo.


Ka thato eo re halaletswang ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste hang feela.


Ka baka leo, mohla a tlang lefatsheng, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.


Le etseditse maoto a lona ditsela tse otlolohileng, hore se hlotsang se tle se se ke sa kgoptjwa; empa ho mpe ho fole.


Hobane e ne e le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya sa silafalang, ya arohileng ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho feta mahodimo;


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Ipolelelanang ditlolo tsa lona, mme lo rapelelane, gore lo tle lo fole. Thapelo ya motho ya lokileng e na le matla a maholo ha e sebetsa.


Haeba le tseba hore o lokile, le tsebe hore e mong le e mong ya etsang ho loka o tswetswe ke yena.


Bana, le se ke la thetswa ke motho; ya etsang ho loka o lokile, jwalokaha le yena a lokile.


Mahareng a lepatlelo la wona, le mose o kwano ho noka, ho ne ho le sefate sa bophelo, se behang mefuta e leshome le metso e mmedi, se behang ditholwana tsa sona kgwedi le kgwedi; lichaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ