Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 2:20 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Hobane tlotla e ka ba efe, ha le ka mamella ho otlwa ka baka la ditlolo tsa lona? mme ekare ha le etsa hantle, mme le utlwa bohloko, mme le mamella, hoo ke ho kgahlisang Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Sebaka sa ho bokwa e ka ba sefe ha le ka mamella ho jabelwa, ha le sitilwe? Empa ekare ha le mamella bohloko le ntse le etsa hantle, hoo ke ntho e lebohuwang ke Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Le ka ithorisa jwang ha le mamella dikotlo hobane le entse dibe? Empa ha le mamella mahloko, leha le ntse le etsa tse ntle, hona ho hotle mahlong a Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

20 Hobane tlotla e ka ba efe, ha le ka mamella ho otlwa ka baka la ditlolo tsa lona? mme ekare ha le etsa hantle, mme le utlwa bohloko, mme le mamella, hoo ke ho kgahlisang Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 2:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba mo tshwela ka mathe sefahlehong, ba mo otla ka dithupa; ba bang ba mo otla ka matsoho;


Ha le dumedisa banababo lona feela, le etsa eng ho feta ba bang? Le bona balekgetho ha ba etse jwalo na?


Ba bang ba qala ho mo tshwela ka mathe, le ho mo kgurumetsa sefahleho, le ho mo shapa, le ho re ho yena: Porofeta!


Hobane ha le rata ba le ratang, le na le teboho efe? hobane baetsadibe le bona ba rata ba ba ratang.


Ho fihlela nakong ena re lapile, re nyorilwe, re hlobotse, re a otlwa, mme ha re na bodulo;


Empa ho hotle ho tjhesehela ho hotle kamehla, e seng ha ke le ho lona feela.


Empa ke na le tsohle, mme ke atetswe; ke kgotshe, ke amohetse ho Epafroditase tse tswang ho lona, tse monko o monate, sehlabelo se amohelehang, se kgahlisang Modimo.


Hobane ke ntho e lebohuwang, ha motho ka baka la letswalo pela Modimo, a mamella mahlomola, a se na molato.


Empa ha le utlwa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo;


Hobane ho molemo ho hlokofatswa ha le etsa hantle, ha e le thato ya Modimo, ho ena le ho hlokofatswa le etsa bobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ