Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:8 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Eo le mo ratang, le eso ho mmone; eo, leha le sa mmone jwale, le dumetse ho yena, mme le thaba ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tletseng kganya;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 eo le mo ratang, leha le sa ka la mmona; eo, leha le eso ho mmone ho fihlela jwale, le dumetseng ho yena, mme le nyakallang ka thabo e sa bolelweng, e tlotlehang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 yena eo le mo ratang le hoja le sa ka la mmona, mme le hona jwale le dumelang ho yena le hoja le eso mmone. Jwale le nyakaletse ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tlotlehang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

8 Eo le mo ratang, le eso ho mmone; eo, leha le sa mmone jwale, le dumetse ho yena, mme le thaba ka thabo e ke keng ya bolelwa, e tletseng kganya;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:8
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya ratang ntatae kapa mmae ho mpheta ha a ntshwanela; le ya ratang mora kapa moradi ho mpheta ha a ntshwanela.


Haeba le a nthata, le boloke ditaelo tsa ka.


Ya nang le melao ya ka, mme a e boloka, ke yena ya nthatang; mme ya nthatang o tla ratwa ke Ntate, le nna ke tla mo rata, mme ke tla iponahatsa ho yena.


Ya sa nthateng ha a boloke dipolelo tsa ka, mme lentswe leo le le utlwang hase la ka, empa ke la Ntate ya nthomileng.


Le lona jwale le saretswe, empa ke tla boela ke le bona, mme dipelo tsa lona di tla thaba, mme ha ho motho ya le amohang thabo ya lona.


Jesu a re ho yena: Thomase, o dumetse, kahobane o mpone;


Jesu a re ho bona: Hoja Modimo e ne e le Ntata lona, le ka be le nthata; le gone ga ke a tla ka bonna, mme ke ene yo o nthomileng.


A ba isa tlung ya hae, a ba abela dijo, mme a thaba le bohle ba ntlo ya hae, kahobane a dumetse ho Modimo.


Hobane mmuso wa Modimo hase ho ja le ho nwa; empa ho loka, le kgotso, le thabo ka Moya o Halalelang.


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Ekare ha motho a sa rate Morena Jesu Kreste, e be anathema Maranatha.


Ke yena ya re tiisitseng, mme a re nea tebeletso ya Moya dipelong tsa rona.


Hobane o ile a nkelwa paradeiseng, mme a utlwa dipolelo tse ke keng tsa bolelwa, tseo ho seng molaong hore motho a di bue.


Re ntse re sa talime tse bonahalang, empa re talima tse sa bonahaleng; empa tse sa bonahaleng ke tsa ka ho sa feleng.


(Hobane re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono;)


A ho lebohuwe Modimo ka baka la neo ya hae e ke keng ya bolelwa.


Empa tholwana ya Moya ke lerato, thabo, kgotso, mamello, bonolo, molemo, tumelo,


Hobane ho Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle ha ho thuse letho; empa tumelo e sebetsang ka lerato.


Le ho tseba lerato la Kreste, le fetang tsebo, le tle le tlale botlalo bohle ba Modimo.


A bopelotlhomogi bo nne le botlhe ba ba ratang Morena wa rona Jesu Keresete ka bopeloephepa. Amen. (Ho Baefese e ngotsweng ho tswa Roma, ke Tikikase.)


Mme ka tshepo eo, ke a tseba hore ke tla nne ke dule, ke be ke nne le lona bohle, ke tle ke be le thabo ya tumelo ya lona.


Hobane ke rona ba lebollo, ba sebeletsang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste, mme ba sa tshepe nama.


Ithabeleng ho Morena kamehla, mme ke boetse ke re: Thabang!


Jwale tumelo ke ho ba le bonnete ba dintho tse lebeletsweng, ke pontsho ya tse sa bonahaleng.


Ka tumelo a tloha Egepeta, a sa tshabe kgalefo ya morena;


Le thaba haholo ka hoo, le hoja e se e le ka nako e itseng, ha ho hlokahala, le le mesarelong ka meleko e mengata.


Ka baka leo, ho lona ba dumelang ke wa bohlokwa, empa ho ba sa utlweng, lejwe leo dihahi di ileng tsa le hanela, ke lona le entsweng hlooho ya sekgutlo.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ