Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:5 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 lona ba bolokwang ke matla a Modimo ka tumelo, le tle le amohele poloko e seng e lokiseditswe ho bonahatswa nakong ya qetello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

5 Lona ba le boloketsweng ka matla a Modimo ka tumelo ho isa polokong e lokiseditsweng ho senolwa nakong ya bofelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:5
43 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya nnyatsang, mme a sa amohele dipolelo tsa ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.


Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa ke re o ba sireletse ho ya kgopo.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke tla mo nea wona, a ke ke a nyorwa le ka mohla o le mong; empa metsi ao ke tla mo fa wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallang ho isa bophelong bo sa feleng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng, mme a ke ke a kena kahlolong; empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Joale; ka baka la ho se dumele ba kgaolwa, mme wena o eme ka tumelo. O se ke wa ikgohomosa, o mpe o tshabe;


Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.


Hobane erekaha, bohlaleng ba Modimo, lefatshe ka bohlale ba lona le sa ka la tseba Modimo, ho kgahlile Modimo ka booatla ba molaetsa o molemo ho pholosa ba dumelang.


Eseng hore re rena hodima tumelo ya lona, empa re le bathusi ba thabo ya lona, hobane le eme ka tumelo.


Ke thakgisitswe le Kreste; leha ho le jwalo, e seng nna, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna: mme bophelo boo ke bo phelang jwale nameng, ke bo phela ka tumelo ya Mora wa Modimo, ya nthatileng, a ba a inehela bakeng sa ka.


Hobane le bolokehile ka mohau ka tumelo; mme hoo ha ho tswe ho lona, ke mpho ya Modimo;


Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;


Ke ntse ke kgodisehile hore ya qadileng mosebetsi o motle ho lona o tla o phetha ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu.


Mme kgotso ya Modimo, e fetang kutlwisiso yohle, e tla boloka dipelo tsa lona le mehopolo ya lona ho Kreste Jesu.


Le hore ho tloha boseeng o tsebile Mangolo a halalelang, a ka kgonang ho o hlalefisetsa pholoho ka tumelo e ho Kreste Jesu.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Hore le se ke la ba botsoa, le mpe le be baetsisi ba bao ka tumelo le ka mamello ba ruang litšepiso.


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


Empa thabang, kahobane le bile le kabelo mahlokong a Kreste; hore mohla kganya ya hae e bonahatswang, le tle le thabe ka thabo e fetisisang.


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.


Hobane matla a hae a bomodimo a re neile dintho tsohle tsa bophelo le tsa borapedi, ka tsebo ya ya re bileditseng kganya le bokgabane.


Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba halaleditsweng ke Modimo Ntatae, ba boloketsweng Jesu Kreste, ba bitsitsweng:


Ho yena ya nang le matla a ho le boloka le se ke la wa, le ho le hlahisa le se na sekodi pela sefahleho sa hae, ka thabo e kgolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ