Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Re tla rua lefa le sa boleng, le sa silafalang, le sa senyeheng, leo le le boloketsweng lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 re tle re fuwe lefa le sa boleng, le se nang sekodi, le sa omelleng, le boloketsweng lona lehodimong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 le lefa le se nang ho bola, leha e le ho silafala kapa ho pona. Ke lona lefa leo le le boloketsweng lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 re tla rua lefa le sa boleng, le sa silafalang, le sa senyeheng, leo le le boloketsweng lehodimong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:4
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


Yare ha a tswela tseleng, e mong a matha, a kgumama pela hae, a mmotsa, a re: Moruti ya molemo, ke etse eng hore ke rue bophelo bo sa feleng?


Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le haha, le ho le nea lefa hara bahalaledi bohle.


Ho tutubolla mahlo a bona, le ho ba tlosa lefifing ho ya leseding, le ho tloha matleng a Satane ho ya ho Modimo, ba tle ba amohele tshwarelo ya dibe, le lefa hara ba halaleditsweng ka tumelo e ho nna.


Mme ha re le bana, ke majalefa; majalefa a Modimo, majalefa mmoho le Kreste; ha ekaba re utlwa bohloko le yena, re tle re tlotliswe le yena.


Mme mongwe le mongwe yo o gaisanang mo kgaisanong o ikgapa mo dilong tsotlhe. Jwale ba ho etsa hore ba nke moqhaka o bolang; empa rona re sa boleng.


Hobane ha lefa le le ka molao, ha le sa le ka pallo; empa Modimo o le neile Abrahama ka pallo.


Le rona re ruile lefa ho yena, re rerelwe pele ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka morero wa thato ya hae.


eo e leng tebeletso ya lefa la rona, ho isa topollong ya letlotlo, e be thoriso ya kganya ya wona.


Mahlo a kelello ya hao a ediswe; le tle le tsebe tshepo ya pitso ya wona, le monono wa kganya ya lefa la wona hara bahalaledi;


le ntse le leboha Ntate ya re entseng hore re lokele ho ja lefa la bahalaledi leseding.


Hobane tshepo eo le e boloketsweng lehodimong, eo le e utlwileng pele ka lentswe la nnete ya Evangeli;


Le ntse le tseba hore le tla fuwa ho Morena moputso wa lefa, hobane le sebeletsa Morena Kreste.


Ho tloha jwale, ke beetswe moqhaka wa ho loka, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tla nnea wona ka tsatsi leo, mme e seng nna feela, empa le bohle ba ratang ponahalo ya hae.


Hobane le ile la nkutlwela bohloko ditlamong tsa ka, mme la amohela ka thabo ho tlatlapuwa ha thepa ya lona, le ntse le tseba hore le na le maruo a molemo le a sa feleng lehodimong.


Ke ka baka leo e leng mmoelanyi wa selekane se setjha, hore ba bitswang ba tle ba fumane pallo ya lefa le sa feleng, ka baka la lefu, e le topollo ya ditlolo tse entsweng tlasa selekane sa pele.


Hobane letsatsi ha le sa tjhaba ka motjheso o tjhesang, le omeletsa jwang, mme palesa ya jona e we, mme botle ba sebopeho sa jona bo timele;


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, le mahlapa ka nyefolo; le ntse le tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue lehlohonolo.


Mme mohla Modisa e moholo a hlahang, le tla newa moqhaka wa kganya o sa swabeng.


Ho ke ke ha kena teng letho le ditshila, leha e le mang le mang ya etsang manyala, le leshano, haese ba ngodilweng bukeng ya bophelo ya Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ