Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:3 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste. Ka baka la boholo ba mohau wa hae, o re tswetse botjha ka tsoho ya Jesu Kreste bafung, hore re tle re be le tshepo e phelang,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:3
56 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.


Thabang tšepong; mamello matshwenyehong; le phehelle thapelong;


Modimo wa tshepo o le tlatse ka thabo yohle le kgotsong ya ho dumela tumelong, le tle le atelwe ke tshepo ka matla a Moya o Halalelang.


Ke yena ya neng a neelwa ka baka la ditlolo tsa rona, mme a tsoswa hore re bewe ba lokileng.


Hobane ekare ha re ne re le dira, re boelane le Modimo ka lefu la Mora wa wona, haholo ha re se re boelantswe, re tla bolokeha ka bophelo ba hae haholo.


Empa ha Moya wa ya tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lona, ya tsositseng Kreste bafung o tla phedisa le mmele ya lona e shwang ka Moya wa hae o ahileng ka ho lona.


Hobane re bolokehile ka tshepo, empa tshepo e bonwang hase tshepo;


Mme jwale, tsena tse tharo ke tumelo, le tshepo, le lerato; empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Empa jwale, Kreste o tsohile bafung, mme o beilwe thakangwaha ya ba robetseng.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata mehauhelo, Modimo wa matshediso wohle;


Mme bohle ba tsamayang ka molao oo, kgotso le mohau di be ho bona, le Iseraele wa Modimo.


Modimo wa Morena wa rona Jesu Kreste, Ntata rona ya kganya, o ka le nea moya wa bohlale le wa tshenolo tsebong ya hae.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, o re hlohonolofaditseng ka mahlohonolo wohle a moya mahodimong ho Kreste.


Eo re nang le topollo ho yena ka madi a hae, e leng tshwarelo ya dibe, ka boholo ba mohau wa hae;


Empa Modimo, ya ruileng mohau, ka baka la lerato la wona le leholo leo a re ratileng ka lona;


Ho yena ya nang le matla a ho etsa ka ho fetisisa ho fetisa tsohle tseo re ka di kopang kapa tseo re di nahanang, ho ya ka matla a sebetsang ho rona.


Ekare ha le tiisetsa tumelong, le theilwe, le tiile, mme le sa suthe tshepong ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e bolellwang dibopuwa tsohle tse tlasa lehodimo; eo nna Paulosi ke entsweng mosebeletsi wa yona;


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Ke sa phetse ho hopola mesebetsi ya lona ya tumelo, le mosebetsi wa lerato, le mamello ya lona ya tshepo ho Morena wa rona Jesu Kreste, mahlong a Modimo Ntata rona.


Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo malebana le ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Mme mohau wa Morena wa rona o ile wa ata ka ho fetisisa, hammoho le tumelo le lerato le ho Kreste Jesu.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ponahatso ya kganya ya Modimo o moholo, le Mopholosi wa rona Jesu Kreste;


Empa Kreste jwaloka Mora hodima ntlo ya hae; yo re leng ntlo ya gagwe, fa re ngangatlela boikanyego le boipelo jwa tsholofelo ka nitamo go ya bokhutlong.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, hore re tle re be mofuta wa dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Le tswetswe la bobedi, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.


Jwaloka bana ba sa tswa tswalwa, le lakatse lebese le sa hlwekang la Lentswe, le tle le hole ka lona.


Le mpe le halaletse Morena Modimo ka dipelong tsa lona, mme le itokise kamehla ho fana ka karabo ho e mong le e mong ya le botsang lebaka la tshepo e ho lona, ka bonolo le ka tshabo.


Seswantšho se se swanago le seo le kolobetšo e re phološago gona bjale (e sego go tlošwa ga ditšhila tša nama, eupša e le karabelo ya letswalo le lebotse go Modimo) ka tsogo ya Jesu Kriste.


Hobane mehleng ya kgale, basadi ba halalelang, ba neng ba tshepile Modimo, ba ne ba ikgabisa ka mokgwa ona, ba ikokobeletsa banna ba bona.


Haeba le tseba hore o lokile, le tsebe hore e mong le e mong ya etsang ho loka o tswetswe ke yena.


E mong le e mong ya nang le tshepo eo ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha yena a hlwekile.


E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;


Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo; mme e mong le e mong ya ratang o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.


E mong le e mong ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme e mong le e mong ya ratang ya tswetseng, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Re a tseba hore e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


Hobane bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe, mme ena ke tlholo e hlolang lefatshe, e leng tumelo ya rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ