Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:23 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 Le tswetswe la bobedi, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 le tswe le boetse le tswetswe, e seng ka peo e bolang, e leng ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Le tswetswe botjha, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, e leng lentswe la Modimo le phelang, le sa feleng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 Le tswetswe la bobedi, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, ka lentswe la Modimo le phelang, le hlolang ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:23
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa mantswe a ka a ke ke a feta.


Jwale setshwantsho ke sena: Peo ke lentswe la Modimo.


Ba tswetsweng, e seng ka madi, leha e le ka thato ya nama, leha e le ka thato ya monna, empa e le ka Modimo.


Tsohle di entswe ke yena; mme ha ho letho le entsweng kantle ho yena.


Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe la bobedi, a ke ke a bona mmuso wa Modimo.


Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.


Moya ke wona o phedisang; nama ha e thuse letho: dipolelo tseo ke le bolellang tsona ke moya, mme ke bophelo.


Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse setshwantsho se entsweng jwaloka motho ya bolang, le dinonyana, le dibatana, le dihahabi.


Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, le bohale ho feta sabole e leoditsweng ka nqa tse pedi;


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, hore re tle re be mofuta wa dithakangwaha tsa dibopuwa tsa hae.


Empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Ke lona lentswe le boletsweng ka Evangeli.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;


Re a tseba hore e mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; empa ya tswetsweng ke Modimo o a ipoloka, mme e mobe ha a mo ame.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ