Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:21 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

21 Bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Ke ka yena le dumelang ho Modimo ya mo tsositseng bafung, a ba a mo nea tlotla, e le hore tumelo le tshepo ya lona di tle di be ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

21 bao le dumelang ka yena ho Modimo o mo tsositseng bafung, wa mo nea kganya; hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:21
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a atamela, a bua le bona, a re: Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Jesu a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng.


A dipelo tsa lona di se ferekane; le dumela ho Modimo, le dumele le ho nna.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Jesu a bua taba tseo, mme a lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile; tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao le eena a u tlotlise.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Jwale, Ntate, nkgalaletse ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena pele lefatshe le eba teng.


Hobane eo Modimo o mo romileng, o bolela dipolelo tsa Modimo;


Eo Modimo o mo tsositseng, o mo lokolletse mahloko a lefu, hobane ho ne ho sa kgonehe hore a ka tshwarwa ke lona.


Modimo wa Aborahama, le wa Isaka, le wa Jakobo, Modimo wa bontata rona, o tlotlisitse Mora wa wona Jesu; yo le mo neetseng, la mo itatola fa pele ga sefatlhego sa Pilato, ka a ne a ikaeletse go mo golola.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Ho ke ho tsejwe ke lona bohle, le ke setjhaba sohle sa Iseraele, hore ka lebitso la Jesu Kreste wa Nasaretha, eo le mo thakgisitseng, eo Modimo o mo tsositseng bafung, ka yena monna enwa o ema mona pela lona a fodile.


Hobane ha o bolela ka molomo wa hao hore Jesu ke Morena, mme o dumela ka pelong ya hao hore Modimo o mo tsositse bafung, o tla bolokeha.


Empa le rona bao ho tla ballwa hoo, ba dumelang ho ya tsositseng Jesu Morena wa rona bafung;


Kreste o na le kopano efe le Beliale? Kapa ya dumelang o na le kabelo efe le ya sa dumeleng?


Ka baka leo, ha ke utlwa tumelo ya lona ho Morena Jesu Kreste, le lerato leo le nang le lona ho bahalaledi bohle.


Bao Modimo o ratileng ho ba tsebisa monono wa kganya ya sephiri seo hara baditjhaba; e leng Kreste ka ho lona, tshepo ya kganya;


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mopholosi wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona;


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Empa re bona Jesu, ya ileng a bewa katlase ho mangeloi hanyenyane, ka baka la ho hlokofatswa ha lefu, a rwetse moqhaka wa kganya le hlompho; hore ka mohau wa Modimo a latswe lefu bakeng sa motho e mong le e mong.


Ka baka leo, a re tloheleng ditaba tsa motheo tsa thuto ya Kreste, re feteleng phethehong; re sa thee hape motheo oa pako ea mesebetsi e shoeleng, le oa tumelo ho Molimo;


Ka baka leo, o na le matla a ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o phela ka mehla ho ba rapella.


Ba batlisisa hore na ke nako efe, kapa hore na ke nako e jwang eo Moya wa Kreste o neng o le ho bona o neng o bolela ka yona, ha o ne o bolela esale pele ka mahlomola a Kreste, le kganya e tlang ho latela.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, eo ka boholo ba mohau wa wona o re tswaletseng hape hore re be le tshepo e phelang ka tsoho ya Jesu Kreste bafung.


Ke yena ya nyolohetseng lehodimong, mme a ka letsohong le letona la Modimo; mangeloi le balaodi le ba matla di behilwe katlasa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ