Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Petrose 1:12 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ba senoletswe hore e ne e se bakeng sa bona, empa e ne e le rona ba sebeletsang dintho tseo le di bolellwang jwale ke ba le boleletseng molaetsa o molemo ka Moya o Halalelang o tswang lehodimong tseo mangeloi a lakatsang ho di sheba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ba ile ba senolelwa hore ba ne ba sa itshebeletse, empa ba ne ba sebeletsa lona ka molaetsa oo le o tsebiswang jwale ke ba le bolellang wona, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong. Ke molaetsa oo le mangeloi a lakatsang ho o utlwisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ba senoletswe hore e ne e se bakeng sa bona, empa e ne e le rona ba sebeletsang dintho tseo le di bolellwang jwale ke ba le boleletseng molaetsa o molemo ka Moya o Halalelang o tswang lehodimong. tseo mangeloi a lakatsang ho di sheba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Petrose 1:12
56 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka nako eo Jesu a araba, a re: Ke a o leboha, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane taba tseo o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea.


Tsohle ke di neilwe ke Ntate; mme ha ho ya tsebang Mora, haese Ntate; mme ha ho ya tsebang Ntate, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


Jesu a araba, a re ho yena: O lehlohonolo, Simone mora Jona, hobane hase nama le madi tse o senoletseng tsona, empa ke Ntate ya mahodimong.


A re ho bona: Eyang ka lefatshe lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.


Ke re ho lona: Ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.


Mme a senolelwa ke Moya o Halalelang, hore a ke ke a bona lefu, a eso ho bone Kreste wa Morena.


Yaba ba tloha, ba ya le metse, ba bolela Evangeli, ba fodisa kahohle.


Etlare ha Moemedi a fihla, eo ke tla mo romela ho lona a etswa ho Ntate, e leng Moya wa nnete, o tswang ho Ntate, ke yena ya tla paka tsa ka.


Yare Petrose a sa bua taba tseo, Moya o Halalelang wa theohela hodima bohle ba utlwang lentswe.


Eitse hobane a bone pono eo, ra akofa ra leka ho ya Masedonia, re ntse re kgobokanetse hore Morena o re bileditse ho bolela Evangeli ho bona.


Ka baka leo, kahobane a phahamiseditswe ka letsohong le letona la Modimo, mme a amohetse pallo ya Moya o Halalelang ho Ntate, o tsholotse sena, seo le se bonang, le se utlwang jwale.


Eitse hobane ba rapele, nqalo ya reketla moo ba phuthehetseng teng; mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba bolela lentswe la Modimo ka sebete.


Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, a re ho bona: “Babusi ba setjhaba le baholo ba Iseraele!


Eitse hobane ba pake le ho bolela lentswe la Jehova, ba kgutlela Jerusalema, ba bolela Evangeli metseng e mengata ya Basamaria.


Kahoo, kahohle kamoo ke leng kateng, ke itokiseditse ho bolela Evangeli le ho lona ba Roma.


Hobane ho loka ha Modimo ho bonahatswa ka teng ho tloha tumelong ho isa tumelong, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.


Mme ba tla bolela jwang, ha ba sa rongwe? jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: A matle hakakang maoto a ba bolelang Evangeli ya kgotso, ba tlisang molaetsa o molemo wa tse molemo!


Ka matla a dipontsho le meeka, ka matla a Moya wa Modimo; hoo ke bileng ka bolela Evangeli ya Kreste ka botlalo, ho tloha Jerusalema le mathoko a yona ho ya fihla Ilirike.


Empa Modimo o di senoletse rona ka Moya wa hae, hobane Moya o batlisisa dintho tsohle, le tse tebileng tsa Modimo.


Ke yena ya re tiisitseng, mme a re nea tebeletso ya Moya dipelong tsa rona.


ka tlhoeko, ka tsebo, ka mamello, ka mosa, ka Moya o Halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi.


Hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho, empa e le ka tshenolo ya Jesu Kreste.


ho senola Mora wa hae ka ho nna, ke tle ke bolele molaetsa wa hae hara ditjhaba; hang ha ke a ka ka rerisana le nama le madi.


E le hore jwale, ho mebuso le mebuso e sebakeng sa lehodimo e tle e tsebe bohlale ba Modimo bo mefuta-futa,


Bana beso, le ntse le hopola mokgathala le matsapa a rona;


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Bao bohle ba shwetse tumelong, ba eso ka ba amohela dipallo, empa ba di bone di sa le hole, ba di kgodisitse, mme ba ipoletse hore ke bajaki le bajaki lefatsheng.


Modimo le yena o ba pakile ka dipontsho, le meeka, le ka mehlolo e mengata, le dineo tsa Moya o Halalelang, ka ho rata ha wona?


Hobane le rona re boleletswe Evangeli jwaloka bona;


Empa lentswe la Morena le hlola ka ho sa feleng. Ke lona lentswe le boletsweng ka Evangeli.


Ka baka leo, Evangeli e boleletswe le ho ba shweleng, hore ba ahlolwe ka mokgwa wa batho nameng, ba tle ba phele ka mokgwa wa Modimo moyeng.


Ka tadima, mme ka utlwa lentswe la mangeloi a mangata a teetseng terone, le dibatana, le baholo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ