Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 4:4 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Lona bana, le ba Modimo, mme le ba hlotse, hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Bana, haele lona, le tswa ho Modimo, mme le ba hlotse; hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Lona bana ba ka, le ba Modimo, mme le hlotse baporofeta bao, hobane ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le lona o moholo ho feta ya nang le ba lefatshe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

4 Lona bana, le ba Modimo, mme le ba hlotse, hobane ya leng ho lona o fetisa ka boholo ya leng lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 4:4
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale ke kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lahlelwa ntle.


Ho tloha jwale ha ke sa tla bua tse ngata le lona, hobane morena wa lefatshe lena o a tla, mme ha a na letho ho nna.


ka kahlolo, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.


Nna ke le ho bona, wena o ho nna, ba tle ba phethehe bonngweng; mme lefatshe le tle le tsebe hobane o nthomile, mme o ba ratile, jwalokaha o nthatile.


Jwale re tla reng tabeng tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka bang kgahlano le rona?


Tjhe, nthong tsena tsohle re fetisa bahlodi ka ya re ratileng.


Jwale rona ha re a ka ra amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo; re tle re tsebe tseo re di filweng ka bolokolohi ke Modimo.


Dijo ke tsa mpa, le mpa ke ya dijo; empa Modimo o tla di fedisa hammoho le tsona. Jwale mmele ha se wa bohlola, empa ke wa Morena; le Morena bakeng sa mmele.


E leng bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa ba sa dumelang, hore lesedi la Evangeli ya kganya ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo, le se ke la ba kganyetsa.


Tempele ya Modimo e na le tumellano efe le ditshwantsho? hobane le tempele ya Modimo o phelang; jwalokaha Modimo o itse: Ke tla aha hara bona, ke tsamaye hara bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tseo le neng le itsamaela ho tsona mehleng e fetileng, ka mokgwa wa lefatshe lena, ho ya ka morena wa matla a sebaka, moya o sebetsang jwale baneng ba ho se mamele.


Kreste a tle a dule ka dipelong tsa lona ka tumelo; hore le metse ka metso, le theohe leratong;


Qetellong, barab’eso, le tiee Moreneng le matleng a bonatla ba hae.


Bana ba ka, ke le ngolla taba tseo, le tle le se ke la etsa sebe. Mme ha motho a etsa sebe, re na le Mmuelli ho Ntate, e leng Jesu Kreste ya lokileng.


Ke ngolla lona bontate, hobane le tsebile ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Ke le ngolla, bahlankana, kahobane le hlotse e mobe. Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tsebile Ntate.


Hobane ha dipelo tsa rona di re ahlola, Modimo o moholo ho dipelo tsa rona, mme o tseba tsohle.


Mme ya bolokang ditaelo tsa hae o dutse ho yena, le yena o dutse ho yena. Ke ka hona re tsebang hobane o dutse ho rona, ka Moya oo a re neileng wona.


Ke ka moo re tsebang hobane re ahile ho wona, le wona o ho rona, hobane o re neile Moya wa wona.


Mme rona re tsebile, mme re dumetse lerato leo Modimo o nang le lona ho rona. Modimo ke lerato; mme ya dulang leratong o dutse ho Modimo, le Modimo o ho yena.


Rona re ba Modimo: ya tsebang Modimo o a re utlwa; yo e seng wa Modimo ga a re utlwe. Ke ka hona re tsebang moea oa ’nete le moea oa thetso.


Mme re a tseba hore re ba Modimo, mme lefatshe lohle le rapaletse matleng a e mobe.


Hobane bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe, mme ena ke tlholo e hlolang lefatshe, e leng tumelo ya rona.


Ba mo hlotse ka madi a Konyana, le ka lentswe la bopaki ba bona; mme ha ba ka ba rata bophelo ba bona ho isa lefung.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ