Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme seo re tla ba sona ha se eso ho bonahatswe; empa re a tseba hobane, mohla se bonahatswang, re tla tshwana le wona; hobane re tla o bona kamoo o leng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Baratuwa, jwale re bana ba Modimo, mme ha ho eso bonahatswe seo re tla ba sona; hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:2
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo ba pelo di hlwekileng, hobane ba tla bona Modimo.


Ho tla ba jwalo ka letsatsi leo Mora motho a tla senolwa ka lona.


Le gona ba ka se tlhole ba swa, gonne ba tshwana le baengele; mme ke bana ba Modimo, ka hoba bana ba tsoho.


Empa bohle ba mo amohetseng, a ba nea matla a ho ba bana ba Modimo, e leng ba dumelang lebitsong la hae;


E seng bakeng sa setjhaba seo feela, empa e le hore a bokelle bana ba Modimo ba hasaneng ba le bang.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Mowa ka osi o paka le moya wa rona, hore re bana ba Modimo;


Hobane ke lekanya hoba mahlomola a mehla ya jwale ha a tshwanela ho lekanngwa le kganya e tlang ho senolwa ho rona.


Hobane dibopuwa di lebeletse ka tjheseho ho bona ponahatso ya bana ba Modimo.


Hobane bao a ba tsebileng esale pele, o bile o ba rere esale pele hore ba tshwane le setshwantsho sa Mora wa hae, hore e tle e be letsibolo hara baena ba bangata.


Hobane jwale re bona ka seipone, ka lerootho; empa mohlang oo, difahleho di tadimane; empa mohlang oo, ke tla tseba jwalokaha le nna ke tsejwa.


Mme jwalokaha re apere setshwantsho sa wa lefatshe, re tla apara le setshwantsho sa wa lehodimo.


Empa jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Tseo Modimo o di lokiseditseng ba o ratang, ke tseo leihlo le sa kang la di bona, tseo tsebe e sa kang ya di utlwa, tse sa kang tsa kena pelong ya motho.


Empa rona bohle, ka difahleho tse ahlamileng, re tadima jwaloka seipone kganya ya Morena, re fetohela setshwantshong se le seng ho tloha kganyeng ho isa kganyeng, jwalokaha re le ka Moya wa Morena.


Hobane mahloreho a rona a bobebe, a motsotsoana, a re sebeletsa boima bo fetisisang, bo sa feleng, ba kganya;


Hobane bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.


Mme kahobane le le bara, Modimo o rometse Moya wa Mora wa wona dipelong tsa lona, o howang, o re: Aba, Ntate!


Ke yena ya tla fetola mmele ya rona e nyatsehang, e tle e tshwane le mmele wa hae o tlotlehang, ka matla ao ka wona a nang le matla a ho bea dintho tsohle katlasa hae.


Etlare ha Kreste e leng bophelo ba rona a hlaha, le lona le tla hlaha le yena kganyeng.


Ka mokgwa o jwalo Kreste o ile a nyeheloa hang hore a jare dibe tsa ba bangata; mme ho ba mo lebeletseng o tla hlaha kgetlo la bobedi a se na sebe ho isa polokong.


Ke tseo re di neilweng ka tsona dipallo tse kgolohadi, tsa bohlokwa, hore le tle le be le kabelo sebopehong sa bomodimo, le phonyohile ho bola ho leng lefatsheng ka ditakatso.


Mme jwale, bana ba banyenyane, le nne ho yena; e le hore, mohla a hlahang, re be le tshepo, mme re se ke ra hlajwa ke dihlong pela hae, ho tleng ha hae.


Bana beso, ha ke le ngolle taelo e ntjha, empa e le ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo ya kgale ke lentšu leo le le kwelego go tloga mathomong.


Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;


Bana ba Modimo le bana ba Diabolose ba bonahala ka sena: E mong le e mong ya sa etseng ho loka ha se wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


Baratuwa, ha dipelo tsa rona di sa re ahlole, re na le tshepo ho Modimo.


E mong le e mong ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme e mong le e mong ya ratang ya tswetseng, o rata le ya tswetsweng ke yena.


Ba tla bona sefahleho sa hae; mme lebitso la hae le tla ba diphatleng tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ