Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 1:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 (Hobane bophelo bo bonahaditswe, mme re bo bone, mme re a paka, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme ba bonahatswa ho rona;)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 hobane bophelo bo senotswe, mme re bo bone, mme re dipaki tsa jona, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo senoletswe rona —

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Bophelo boo bo ile ba iponahatsa, mme ra bo bona. Kahona re a bo paka, mme re le bolella tsa bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme bo iponahaditseng ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 (Hobane bophelo bo bonahaditswe, mme re bo bone, mme re a paka, mme re le bolella bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, mme ba bonahatswa ho rona;)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 1:2
37 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho motho ya kileng a bona Modimo; Mora ea tsoetsoeng a ’notši, ea sefubeng sa Ntate, ke eena ea re senoletseng.


Bophelo bo ne bo le ka ho yena; mme bophelo e ne e le lesedi la batho.


Mme ke di fa bophelo bo sa feleng; mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong;


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo;


Le lona le tla paka, hobane le bile le nna ho tloha tshimolohong.


Ke tswile ho Ntate, mme ke tlile lefatsheng;


Mme bophelo bo sa feleng ke hore ba o tsebe, wena Modimo o nnotshi wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


Jwale, Ntate, nkgalaletse ho wena ka kganya eo ke neng ke ena le yona ho wena pele lefatshe le eba teng.


Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme o tseba hore o bua nnete, le tle le dumele.


Lena e ne e se e le kgetlo la boraro Jesu a iponahatsa ho barutuwa ba hae, ha a se a tsohile bafung.


Ha ho motho ya kileng a nyolohela lehodimong, haese ya theohileng lehodimong, e leng Mora motho ya leng mahodimong.


Empa nna ke a mo tseba, hobane ke tswa ho yena, mme ke yena ya nthomileng.


Ke bua seo ke se boneng ho Ntate; mme lona le etsa seo le se boneng ho ntata lona.


Ho qala ka kolobetso ya Johanne, ho isa letsatsing leo a nyolotsweng ho rona ka lona, e ka kgona e mong a bewe ho ba paki ya tsoho ya hae le rona.


E seng ho batho bohle, empa e le ho dipaki tse kgethilweng pele ke Modimo, e leng rona ba ileng ba ja le ho nwa le yena ka mora ho tsoha ha hae bafung.


Jesu eo Modimo o mo tsositse, mme rona bohle re dipaki tsa taba eo.


Le bolaile Morena wa bophelo, eo Modimo o mo tsositseng bafung; tseo re leng dipaki tsa tsona.


Mme rona re dipaki tsa hae tsa taba tseo; mme ho jwalo le ka Moya o Halalelang oo Modimo o o neileng ba o utlwang.


Hobane seo molao o neng o sitwa ho se etsa, kahobane o ne o fokola ka nama, Modimo o ahlotse sebe nameng ka ho roma Mora wa wona ka sebopeho sa nama ya boetsadibe;


Empa eitse hobane nako e phethehe, Modimo wa roma Mora wa hae, ya tswetsweng ke mosadi, ya tswetsweng tlasa molao;


Mme ha ho pelaelo hore sephiri sa borapedi ke se seholo: Modimo o bonahaditswe nameng, a bolelwa hore o lokile moyeng, a bonwa ke mangeloi, a bolelwa hara ditjhaba, a dumelwa lefatsheng, a phahamisetswa kganyeng.


Empa jwale e bonahatswa ka ho hlaha ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste, ya fedisitseng lefu, mme a hlahisa bophelo le ho se shweng ka Evangeli.


Ka tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o ke keng wa bua leshano, o bo tshepisitseng pele lefatshe le eba teng;


Ke kgothatsa baholo ba leng teng hara lona, bao ke leng moholo, le paki ya mahloko a Kreste, ya nang le kabelo kganya e tlang ho senolwa.


Seo se neng se le teng ho tloha tshimolohong, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se boneng, mme matsoho a rona a se tshwere, sa Lentswe la bophelo;


Mme tshepiso eo a re tshepisitseng yona ke ena, bophelo bo sa feleng.


Mme le a tseba hore yena o ile a bonahatswa hore a tlose dibe tsa rona; mme ho yena ha ho sebe.


Yo o dirang boleo ke wa ga Diabolo; hobane Diabolose o ntse a etsa sebe ho tloha qalong. Mora Modimo o bonahaditswe ka morero ona, e le hore a senye mesebetsi ya Diabolose.


Mme rona re bone, mme re a paka hore Ntate o romile Mora wa hae ho ba Mopholosi wa lefatshe.


Le tseba Moya wa Modimo ka sena: Moya o mong le o mong o bolelang Jesu Kreste ya tlileng nameng, ke wa Modimo.


Mme bopaki ke bona, hore Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona bo ho Mora wa wona.


Ke le ngoletse taba tseo, lona ba dumelang lebitso la Mora wa Modimo; le tle le tsebe hobane le na le bophelo bo sa feleng, le tle le dumele lebitso la Mora wa Modimo.


Mme re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe wa nnete, mme re ho yena wa nnete, e leng ho Mora wa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ