Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 5:6 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang; empa a re falimeheng, ’me re hlaphoheloe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang, re mpe re fadimehe, mme re tshabe botahwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ha ho le jwalo, re se ke ra robala jwaloka ba bang bohle, re mpe re fadimehe, mme re be le boitshwaro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

6 Ka baka leo, a re se keng ra robala jwaloka ba bang; empa a re falimeheng, ’me re hlaphoheloe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 5:6
40 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha batho ba robetse, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, sa tloha.


Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe nako eo Morena wa lona a tla tla ka yona.


Fadimehang ke hona, hobane ha le tsebe letsatsi kapa hora eo Mora motho a tla tla ka yona.


Eitse ha monyadi a dieha, ba otsela bohle, ba robala.


A ba a re ho bona: Moya wa ka o tshwenyehile haholo, ho isa lefung; salang mona, le fadimehe le nna.


Se ke le bolellang sona ke se bolella bohle, ke re: Lebelang.


Ho lehlohonolo bahlanka bao etlareng morena a fihla, a ba fumane ba lebetse;


Mme tsebang sena, hore hoja monga ntlo a ne a tsebile nako eo leshodu le tla tla ka yona, a ka be a lebetse, mme a se ke a dumela hore ntlo ya hae e phunngwe.


Fadimehang ke hona, le rapele ka mehla, hore le tle le fumanwe le le le tshwanelang ho phonyoha dinthong tsena tsohle tse tla etsahala, le ho ema pela Mora motho.


A re ho bona: “Le robaletseng? tsohang, le rapele, le tle le se ke la kena molekong.


Ka baka leo, fadimehang, mme le hopole hore ka dilemo tse tharo, bosiu le motsheare ha ke a ka ka kgaotsa ho eletsa e mong le e mong ka meokgo.


Tsohang ho loka, le se ke la etsa sebe; hobane ba bang ha ba na tsebo ya Modimo;


Itebeleng, le eme le tiile tumelong, le be banna, le be matla.


Bao mehleng e fetileng re kileng ra tsamaya hara bona, re tsamaiswa ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re phethahatsa ditakatso tsa nama le tsa kelello ’me ka hlaho re ne re le bana ba khalefo, joalo ka ba bang.


Ke ka baka leo ho thoeng: Tsoha, uena ea robetseng, u tsohe bafung, ’me Kreste o tla u bonesetsa.


Ka kamehla le rapele ka Moya, ka thapelo yohle le thapeli, le fadimehele teng ka tiisetso yohle le thapello bakeng sa bahalaledi bohle.


Bohlale ba lona bo ke bo tsejwe ke batho bohle. Morena o haufi.


Tswelelang mo thapelong, mme lo nne lo disitse mo go yone ka tebogo;


Bana beso, ha ke rate ha le hloka tsebo malebana le ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha jwaloka ba bang ba se nang tshepo.


Ya re shwetseng, hore, leha re fadimehile, leha re robetse, re tle re phele le yena.


Empa rona, rona ba motsheare, a re keng re hlaphohelwe kelellong, re apare tshireletso ya sefuba ya tumelo le lerato; le helmete ke tšepo ea poloko.


Leha ho le joalo, o tla bolokeha ka ho tsoala bana, haeba ba tsoela pele tumelong le leratong le khalalelong le ho hlaphoheloa kelellong.


Ka mokgwa o jwalo, basadi ba ikgabise ka diaparo tse hlomphehang, ba ikgabise ka dihlong, le boitlhopho; e seng ka moriri o forilweng, leha e le ka kgauta, leha e le diperela, leha e le ka diaparo tsa theko e boima;


Ka mokgwa o jwalo basadi ba bona e be ba kgabane, e seng baetselletsi, ba hlaphohelwe, ba tshepehe nthong tsohle.


Mookamedi e ka kgona e be ya se nang molato, e be monna wa mosadi a le mong, a hlaphohetswe, a hlaphohelwe hantle, a le boitshwaro, a amohele baeti, a tshwanele ho ruta;


Empa wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethe tshebeletso ya hao ka botlalo.


E re ruta hore re lahle bokgopo le ditakatso tsa lefatshe, mme re phele ka kelello, ka ho loka, le ka borapedi, lefatsheng lena;


Ka mokgwa o jwalo, bahlankana o ba kgothatse hore ba be le kelello.


Ka baka leo, itlameng matheka a dikelello tsa lona, le hlaphohelwe, le tshepe ka ho sa feleng mohau oo le tla o tlisetswa ka tshenolo ya Jesu Kreste;


Le hlaphohelwe, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a potoloha jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang;


Bona, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya lebelang, ya bolokang diaparo tsa hae, esere a tsamaya a le feela, mme ba bona dihlong tsa hae.


Fadimeha, mme o tiise tse setseng, tse seng di tla shwa; hobane ha ke eso fihlele mesebetsi ya hao e phethehile pela Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ