Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 5:27 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Ke le laela ka Morena hore lengolo lena le balwe ho baena bohle ba halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Ke le rapela ka Morena, ke re, lengolo lena le ke le ballwe baena bohle ba halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ka Morena, ke ipiletsa ho lona, ke re: Lengolo lena le ballwe bana babo rona bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

27 Ke le laela ka Morena hore lengolo lena le balwe ho baena bohle ba halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 5:27
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jesu a kgutsa. Moprista e moholo a araba, a re ho yena: Ke o hlapantsha ka Modimo o phelang, hore o re bolelle hore na o Kreste, Mora wa Modimo.


A howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke o hlapantsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.


Matsatsing ao Petrose a ema hara barutuwa, a re: (palo ya mabitso e batla e ka ba lekgolo le mashome a mabedi).


Jwale Bajuda ba bang ba lelekang meya e mebe, ba sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: “Re a le laela ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.


Etlare hobane lengolo lena le balwe hara lona, le etse hore le balwe le phuthehong ya Laodisea; le hore le lona le bale lengolo le tswang Laodisea.


Jwalokaha le tseba kamoo re ileng ra kgothatsa e mong le e mong wa lona, ra ba ra le tshedisa, jwalokaha ntata a etsa bana ba hae.


Ekare ha e mong a sa utlwe lentswe la rona le lengolong lena, le mo hlokomele, mme le se ke la ikopanya le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.


Taelo ena ke o nea yona, Timothea, ngwanaka, ho ya ka diporofeto tse bileng teng pele hodima hao, hore o tle o lwane ntwa e molemo ka tsona;


Jwalokaha ke ile ka o kopa hore o sale Efese, ha ke ya Masedonia, o tle o laele ba bang hore ba se ke ba ruta thuto esele.


Ke o laela pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, le mangeloi a kgethilweng, hore o boloke taba tseo, o sa kgetholle, o se ke wa etsa letho ka leeme.


Mme o laele dintho tsena, hore ba tle ba hloke sekodi.


Ke o laela mahlong a Modimo o phedisang dintho tsohle, le pela Kreste Jesu, ya ileng a paka boipolelo bo botle kapele ho Ponse Pilato.


Laela ba ruileng tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa letlotlo le sa tsitsang, ba mpe ba tshepe Modimo o re fang dintho tsohle ka bongata hore re di thabele.


Ke o laela ke hona pela Modimo, le pela Morena Jesu Kreste, ya tla ahlola ba phelang le ba shweleng mohla a hlahang le ka mmuso wa hae;


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ele hloko Moapostola le Moprista e Moholo wa tumelo ya rona, Jesu Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ