Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 4:17 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Jwale rona ba phelang ba saletseng morao, re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme kahoo re tla ba le Morena kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ebe moo, rona ba phelang, ba saletseng nakong eo, re nkelwang marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng; mme ka mokgwa o jwalo, re tla ba le Morena kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Jwale rona ba tla beng ba ntse ba phela re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme ka mokgwa o jwalo re tla ba le Morena kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

17 Jwale rona ba phelang ba saletseng morao, re tla nkelwa marung hammoho le bona, ho ya kgahlanyetsa Morena sebakeng, mme kahoo re tla ba le Morena kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 4:17
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha motho a ntshebeletsa, a ntatele; mme moo ke leng teng, le mohlanka wa ka o tla ba teng;


Mme etlare ha ke eya ho le lokisetsa bodulo, ke tla boela ke tle, mme ke le nkele ho nna; hore moo ke leng teng, le lona le be teng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Eitse hobane a bolele taba tseo, ba ntse ba tadimile, a nkelwa hodimo; mme leru la mo tlosa mahlong a bona.


Yare ha ba nyolohile metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme leqhalaha ha le a ka la hlola le mmona, mme la tswela pele tseleng ya lona le thabile.


Ka motsotso, ka ho panya ha leihlo, ka terompeta ya ho qetela; hobane terompeta e tla lla, mme bafu ba tla tsoswa, ba se ke ba bola;


Re na le tshepo, ke rialo, mme re rata ho ka mpa ra ba sieo mmeleng, ho ya ba teng le Morena.


Hobane ke tsielehile pakeng tsa tse pedi, ke na le takatso ya ho tloha ho ya ba le Kreste; e leng molemo ho feta:


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Hobane sena ke seo re le bolellang sona ka lentswe la Morena, hore rona ba phelang, ba saletseng ho tleng ha Morena, re ke ke ra raka ba ithobaletseng.


Ya re shwetseng, hore, leha re fadimehile, leha re robetse, re tle re phele le yena.


Empa rona, ho ya ka pallo ya wona, re lebeletse mahodimo a matjha le lefatshe le letjha, moo ho loka ho ikahetseng teng.


Bonang, o tla ka maru; mme mahlo wohle a tla mmona, le ba mo hlabileng; Leha ho le joalo, Amen.


Ba utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re ho bona: Nyolohelang kwano. Mme ba nyolohela lehodimong ka leru; mme dira tsa bone di ne di ba bona.


A tswala ngwana e motona, ya tla alosa ditjhaba tsohle ka lere la tshepe, mme ngwana wa hae a nkelwa ho Modimo le teroneng ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ