Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 3:2 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mme re romile Timothea, ngwanabo rona, mohlanka wa Modimo, ya re sebedisang Evangeling ya Kreste, hore a ye ho le tiisa le ho le kgothatsa bakeng sa tumelo ya lona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ra roma Timothea ngwanabo rona, ya sebetsang le Modimo ho phatlalatsa molaetsa o molemo wa Kreste, ho tla le matlafatsa le ho le kgothatsa tumelong ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 ra roma Timothea, ngwaneso, mosebeletsi wa Modimo, mosebeletsi wa rona Evangeling ya Kreste, ho le tiisa, le ho le tshedisa ka baka la tumelo ya lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 3:2
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o fihla Derbe le Lystra, mme bonang, ho ne ho le morutuwa e mong teng, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda, ya dumetseng; empa ntatae e ne e le Mogerike.


Kahoo diphutheho tsa tiiswa tumelong, tsa eketseha ka palo ka tsatsi le leng le le leng.


Eitse ha Silase le Timothea ba etswa Masedonia, Pauluse a tsieleha moyeng, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


Timothea, mosebetsi-’moho le ’na, oa le lumelisa, le Lusiase, le Jasone, le Sosipatere, banab’eso.


Ho ya ka mohau wa Modimo oo ke o neilweng, jwaloka sehahi se bohlale, ke theile motheo, mme e mong o haha hodima wona. Empa e mong le e mong a ke a iponele kamoo o hahang kateng hodima lona.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepahalang Moreneng, ya tla le hopotsa metsamao ya ka e ho Kreste, jwalokaha ke ruta hohle diphuthehong tsohle.


Nna Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ke ena le Timothea, ngwanabo rona, re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, le bahalaledi bohle ba naheng yohle ya Akaya.


Hobane Mora Modimo, Jesu Kreste, ya boletsweng hara lona ke rona, nna le Silefano le Timothea, ha a ka a eba e le tjhe, empa e ne e le E ho yena.


Hape, ha ke fihla Troase ho bolela Evangeli ya Kreste, mme ke buletswe monyako wa Morena.


Ha ke a ka ka phomola moyeng wa ka, kahobane ha ke a ka ka fumana Tite, ngwaneso;


Leha ho na le ba botsang ka Tite, ke molekane oa ka le mosebetsi-’moho le ’na bakeng sa lōna;


Mme ka tshepo eo, ke a tseba hore ke tla nne ke dule, ke be ke nne le lona bohle, ke tle ke be le thabo ya tumelo ya lona.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, le Timothea, ngwanabo rona,


Jwalokaha le ithutile ho Epafrase, mohlanka mmoho le rona ya ratehang, eo e leng mosebeletsi ya tshepahalang wa Kreste bakeng sa lona;


Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.


Ke na le Onesimo, ngwaneso ya tshepehang, ya ratwang, eo e leng wa lona. Ba tla le tsebisa tsohle tse etswang mona.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Ka baka leo, ha ke sa kgone ho mamella, ke ile ka romela ho tseba tumelo ya lona, esere mohlomong Moleki a le lekile, mme mosebetsi wa rona wa fetoha lefeela.


Homotsa dipelo tsa lona, mme le le tiise dipolelong tsohle le mesebetsing yohle e molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ