Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 BaThesalonika 3:11 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Jwale Modimo, Ntata rona, le Morena wa rona Jesu Kreste, a ke a lokise tsela ya rona ho tla ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Oho! re etsetswe tsela ya ho tla ho lona ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena wa rona Jesu Kreste!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Jwale Modimo, yena eo e leng Ntata rona, le Morena wa rona Jesu, a ke a re lokisetse tsela ya ho tla ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Jwale Modimo, Ntata rona, le Morena wa rona Jesu Kreste, a ke a lokise tsela ya rona ho tla ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 BaThesalonika 3:11
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane ekare ha le tshwarela batho ditlolo tsa bona, Ntata lona ya mahodimong le yena o tla le tshwarela.


e le hore o se ke wa bonahala ho batho hore o itima dijo, empa ho Ntatao ya sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.


Bonang dinonyana tsa lehodimo, hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle melikong; leha ho le jwalo Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Na lona ha le di fetise ka letho?


Hobane ntho tseo tsohle baditjhaba ba di batla; hobane Ntata lona ya mahodimong o a tseba hore le hloka ntho tseo tsohle.


Hore dithuso tsa hao di be sephiring, mme Ntatao ya bonang sephiring o tla o putsa.


Empa wena, ha o rapela, kena ka phaposing ya hao e ka hare, mme ha o kwetse monyako wa hao, o rapele Ntatao ya sephiring; mme Ntatao ya bonang sephiring, o tla o putsa.


Lentswe la ya howang feelleng, le re: Hlekang mmila wa Jehova feelleng, le lokise ditsela tsa hae.


Hobane ntho tseo tsohle di batlwa ke baditjhaba ba lefatshe, mme Ntata lona o tseba hobane le a di hloka.


Se boifeng, letsomanyane; hobane ho kgahlile Ntata lona ho le nea mmuso.


Jesu a re ho yena: O se ke wa ntshwara; hobane ha ke eso nyolohele ho Ntate; le ho Modimo wa ka, le Modimo wa lona.


Ka la Mora wa hae Jesu Kreste, Morena wa rona, ya tswetsweng lelokong la Davida ka nama;


Ke tla ba Ntata lona, lona le be bara ba ka le baradi ba ka, ho rialo Morena ya matla wohle.


Ya ikgafileng ka baka la dibe tsa rona, hore a tle a re lopolle lefatsheng lena le kgopo, ho ya ka thato ya Modimo Ntata rona.


Ke ngolla badumedi ba Kolose, badumedi ba leng ho Kreste, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Hobane Morena ka sebele o tla theoha lehodimong ka mohoo, ka lentswe la arekangeloi, le ka terompeta ya Modimo, mme ba shwetseng ho Kreste ba tla tsoha pele.


Modimo wa kgotso o le halaletse kahohle; mme ke rapela Modimo hore meya ya lona yohle, le moya wa lona, le mmele wa lona, di bolokelwe, di se na sekodi, ho tle ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste.


Jwale, Morena wa rona Jesu Kreste ka sebele, le Modimo, Ntata rona, ya re ratileng, mme ka mohau wa rona a re nea matshediso a sa feleng le tshepo e molemo.


Jwale, Morena wa kgotso, yena ka sebele, a le fe kgotso kamehla ka mekgwa yohle. Morena a be le lona bohle.


Morena a ke a lebise dipelo tsa lona leratong la Modimo, le mamellong ya Kreste.


Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;


Yaba ke utlwa lentswe le leholo le tswang lehodimong, le re: Bonang, tabernakele ya Modimo e hara batho;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ